Ditlwaelo tsa Meetlo ya Maxhosa

©Dr Peter Magubane

BaNguni ba Kapa wa ne ba susumetswa haholo ke Yuropa ya sejwalejwale, haholoholo moetlo wa ho bua Senyesemane,kamoo ba fuweng kateng ka mantswe le ka diketso ke baromuwa ba Yuropa. ‘Batho ba sekolo’ ba ile ba amohela mokgwa o ikgethang wa ho apara mme wa fetola meetlo ya botjhaba e neng e thehilwe kerekeng le sekolong.

Ba tumelo ya botjhaba ba ne ba hlaloswa e le Bofubedu ka lebaka la tlwaelo ya bona ya ho itshasa ka letsopa le lefubedu difahlehong le mmeleng. Ka ho hanela ka bobedi kereke le thuto ya Bophirima e le dintho tse ntjha tsa dinaha tse ding, ba tumelo ya botjhaba ba nnile ba tswela pele ho etsa ditlwaelo tse hlomphang nako tse thehilweng ka meya ya baholoholo.    

Batho ba buang isiXhosa kajeno boholo ke Bakreste. Esita le marena le dingaka (dinohe le ba ditlamatlama) ba a kgethollwa ebang e se Bakreste.

Le ha ho le jwalo ,boKreste ba Maxhosa  bo ntse bo eketseha hoo bo seng bo fihlelletse mefuta e fapaneng ya boemo ba sehopotso sa badimo le ditlwaelo tsa botjhaba.Ka mokgwa o makatsang, mekgabiso e tshwantshang meaparo ya botjhaba ka bokgabane, haholoholo mongwahakgolong wa 20, ke sehlahiswa sa mesebetsi wa matsoho wa matswallwa, ka sehloohong wa basadi se ileng sa thehwa ka ntho ya kgwebisano e tswang Yuropa: sefaha se mmala sa galase , se ileng sa fumaneha habonolo bohareng ba mongwahakgolo wa 19.

Mahae

©Dr Peter Magubane

Ho ya ka boholoholo, matlo (imizi) a Maxhosa a ne a qadikane sebakeng sa mahae mme a ne a le mothating o thusang ka phallo ya metsi le tshireletso ya tsa sesole.Bodulo bo ne bo na le moralo wa ditshiya le dikutu tse tshesanyane, tse neng di kojwa ebile di tlanngwe ho bopa sehlaha sa dinotshi e be ho rulelwa ho tloha hodimo ho ya tlase ka jwang. E le ho tiisa tshireletso e lekaneng kgahlano le boemo ba lehodimo, kahare ho marulelo ho ne ho dilwa ka motswako wa seretse le bolokwe ho tloha fatshe ho ya bophahamong ba lehetla.

Fatshe le teng ho ne ho dilwa ka motswako wa seretse le bolokwe. Ho ne ho na le sedikadikwe se tlase, se tjhekuweng bohareng ba ntlo ho sebediswa e le leifo. Mofuta ona wa moaho(ungquphantsi) o ne o na le monyako o tlase mme motho o ne a lokela ho inama ha a kena.

Mathwasong a dilemo tsa 1820 moaho ona o ne o etelletswe pele ke mokgwa o tsitsitseng ho feta wa moshwelella, o neng o na le lebotana la moloho wa dikutu tse tshesanyane tsa sefate le mopharo(ho kenyeletswa le mekgwa ya mohaho e tlileng le baromuwa ba jwaloka Dc T.J van der Kemp), ho tshehetsa marulelo a motsullope a jwang. 

Meaho ya lehae e ne e behuwe ka dihlopha tse entseng sebopeho sa halofo ya sedikadikwe se bapileng le lesaka la dikgomo la dithutswana, le neng le na le lesaka le le leng kapa ho feta  a manyane a neng a le mahlakoreng ho ka kwalla dipodi.

Mokoti o le mong kapa ho feta e bopehileng jwaloka botlolo e ne e le ho boloka poone ,e ne e le ka tlasa marulelo a lesaka la dikgomo. Mekoti ena ya dijo-thollo e ne e ditswe hantle le ho kwahelwa ka majwe a maholo, e le ho thibela ho kenela ha metsi le ho senyeha ha poone ka ho bela le ho bola. 

Ka nako e ntle, poone e neng e bolokwa mekoting ena e ne e na le monko wa mongobo ebile e le bodila ka tatso, empa e ne e mamellwa, ebile e natefela batho, haholo nakong tseo poone e neng e haella ka tsona. Hona kantle, kamora kapa thokwana le ntlo , e ne e le dibaka tse sireleditsweng tsa ho pheha,sebaka sa ho pheha bohobe ba poone (isonka) hammoho le diroto tse entsweng ka dithutswana ho ka boloka poone e  ntseng e le seqong.

Sebaka se fietsweng se pakeng tsa monyako wa ntlo e kgolo le monyako wa lesaka se ne se tsejwa e le kgotla (inkunda). Ke mona moo ho neng ho mamelwa dinyewe teng Ntlokgolong ya morena kapa ya morena e moholo.

Mahae a ne a ikemetse moruong, ka leruo la mehlape le lefatshe bakeng sa ho lema le ho tsoma. Lehae le ne  le na le matlo a mmalwa moo monna,le bara ba hae ba nyetseng, basadi ba bona le bana ba bona ba neng ba dula teng.

Monna wa morui kapa morena ya neng a na le mehlape e mengata ya dikgomo o ne a ka nna a ba le bareki bao a sa amaneng le bona le malapa a bona lapeng la hae. Bareki ba mofuta ona ba ne ba fana ka tshebetso ya bona (ukubusa) ho morena kapa hlooho ya lelapa,ka ho disa mehlape ya hae e le ho natefelwa ka bolokolohi ke lebese le leruo le lenyane, e leng karolo ya mehlape eo e leng ya badisa.

Melao ya lefa

©Dr Peter Magubane

Melao ya lefa e ne e sebetswa feela malapeng a haufi:mora wa matsibolo wa mosadi e moholo o ne a rua mehlape ya ntatae. Moo sethepu se neng se nyalwa, bara bohle ba matsibolo ba basadi ba monna eo ba ne ba tla rua karolo ya lefa la mehlape ya ntate wa bona, moo ba neng ba ka ikgodisetsa mehlape eo e leng ya bona. Ho ya ka boholoholo naha e ne e ajwa ka bolaodi ba polotiki — ka mantswe a mang, morena lekgotleng — eseng ho ya ka motheo wa moloko.

Esita le maemong a tshebedisanommoho pakeng tsa mahae, mohlala batho ba nakwana ba hlophisitsweng ho thusa ka ho lema, ho hlaola le ho kotula, moloko ha o bohlokwa ho feta ho ba haufi le dibaka tsa naha.

Moloko o tlileng pele(e leng o amanang le leloko la ntate)o na le sehlotshwana sa dihlooho tsa malapa tse amanang le bana ba bona ba dulang sebakeng seo.Kaha banna bana e le ditloholo tsa bontatemoholo-holo, ba sedi ka sehlopha seo ba amanang le sona. Sehlotshwana sena se ka ba le dihlooho tsa malapa tse 2 kapa 3 ho ya ho tse 20.

Naha le leruo ha di a kopanelwa ke ditho tsa sehlotshwana, empa ho na le hoo di bolokwa ke malapa ka bomong hona kahara sehlotshwana seo. Dihlopha tsena di na le mesebetsi e mmedi ya bohlokwa empa e lekanyeditswe: wa pele, ho rarolla diqabang kahara sehlopha, mme wa bobedi, ho theha phutheho ya borapedi ba baholoholo.

Translated by Maletsatsi Sejake

Ho fetoha ha MaXhosa

Ho kopana hona ha meetlo ho ile ha fumanwa ho na le kgahlamelo e matla meetlong ya BaNguni ba Kapa hoo,ho isa boholeng bo itseng, ho ntseng ...more

MaXhosa a Afrika Borwa

Ho ya ka nehanotaba, BaThembu, Maxhosa le Mampondomise ba ne ba dula dibakeng tse hodimo ho noka ya Umzimvubu e Eastern Cape, meloko e menga...more