MaXhosa a Afrika Borwa

Maxhosa a Tswang Afrika Botjhabela

©South African Library

Bopaki ba nalane bo sisinya hore mathwasong a 1593 ho ne ho na le batho ba buang puo ya Sexhosa ho ya ka borwa bo hole ba noka ya Mthatha sebakeng seo kajeno se bitswang Eastern Cape(Kapa Botjhabela), mme le hore ba ne ba se ba bile moo nakwana pele ho moo. Ho ya ka nehanotaba , BaThembu, Maxhosa le Mampondomise ba ne ba dula dibakeng tse hodimo ho noka ya Umzimvubu e Eastern Cape, meloko e mengata pele ba theohela lebopong. 

Tsena tsohle di sisinya hore mehopolo ya ditsebi ka ho falla ha batho ba buang Sexhosa ho tloha Botjhabela ba Afrika nakong e fetileng ha e na motheo , ebang ba sa kgeloswa kapa ho na le ntho e sisimosang ho feta moo.

Ha ho pelaelo hore dipatlisiso tsa baepolli ba dintho tsa kgale di tla hlakisa dipotso tse jwalo nakong e tlang. Mohlala, dipatlisiso tsa morao tjena tse entsweng polasing ya Canasta Place haufi le moo kajeno e leng East London di fana ka maikutlo a hore, ho tloha mongwahakgolong wa bosupa  pele ho Kreste, batho ba buang Sexhosa ba ne ba ntse ba dula haufi le noka ya Buffalo.

Ka mongwahakgolo wa 19, MaHlubi, BaZizi, BaTolo and MaBhele ba ile ba fallela sebakeng se ileng sa bitswa Transkei( jwale ke karolo ya Eastern Cape). Batho bana , ba ileng ba tsejwa e le Mfengu, ba ne ba itshetlehile ka Morena e Moholo wa Maxhosa e leng Morena Hintsa. Ka 1835 baromuwa le balaodi ba bokoloneale ba Brithani ba ile ba re ke 'baphaphathehi ba Mfecane', e leng 'ntwa yohle’ ya Morena Shaka ya dilemong tsa bo-1820.Ba ile ba sireletswa ka bokoloneale sepheo e le ho eketsa palo e fokotsehileng ya basebetsi. 

Marena a Maxhosa a Hlahelletseng e le Batshepehi ba naha

Batho ba Mfengu ba Transkei e ne e le batlatsi ba sesole sa bajaki ba basweu kgahlano le Maxhosa ntweng ya Frontier ya 1846-7, 1850-3 le 1877-8. Ka lebaka la boiteko ba bona ba ho sireletsa Cape Colony, Bafengu ba ile ba fumantshwa lefatshe ke balaodi ba basweu leo e neng e le la Maxhosa.

Diqhobeshanong tse neng di ntse di eketseha moeding le diqabang tse latellanang le mabotho a Brithani le a bakoloneale, marena a Maxhosa, hara bona e le Sandile le Maqoma, ba ile ba hlahella e le batshepehi ba naha ba neng ba tseka ho boloka boipuso ba bona,lefatshe le balatedi. Maqoma,setsebi se nang le bokgoni ebile e le mohlabani ya sebete wa sekgukgu, o ile a shwa e le motshwaruwa wa Robben Island ka 1873. 

Sandile o ile a tswa dikotsi tse bolayang ntweng le bahlabani ba Mfengu morung wa Isidenge ka Motsheanong 1878. Ka ho shwa ha bona, hape, masalla a putlama. Mathwasong a dilemo tsa bo-1880 Mpondo e ne e le wa ho qetela ho dihlooho tsa BaNguni ba Kapa tse ileng tsa tliswa pusong ya bokoloneale. 

Translated by Maletsatsi Sejake