Ho Fetoha ha MaXhosa

Bonohe ba Ntsikana

©Roger de la Harpe

MaXhosa a moeding wa Kapa Botjhabela e bile balaodi ba pele ba BaNguni ba Kapa ba ho pepeswa ho bahahlaudi ba Yuropa, ditsomi, bahwebi, baromuwa, masole le batsamaisi ba bokoloneale ka kgolo e potlakileng ho tloha pheletsong ya mongwahakgolo wa 18 ho ya pele.     

Ho kopana hona ha meetlo ho ile ha fumanwa ho na le kgahlamelo e matla meetlong ya BaNguni ba Kapa hoo,ho isa boholeng bo itseng, ho ntseng ho bonahala le kajeno.

Ntsikana,e leng senohe se tummeng sa MoXhosa ya ileng a hlokahala ka 1821, e ne e le modumedi e motjha wa Moruti Joseph Williams wa London Missionary Society. Le hoja a ne a sa tsebe ho bala le ho ngola, Ntsikana o ne a qapa difela, tse ntseng di binwa ke diphutheho tsa sejwalejwale tsa Bakreste. Ho tlatseletsa moo, o ne a na le bonohe bo tsotehang, a hlokomedisa ka bohlokwa bo eketsehang ba ‘dikonopo tse hlokang masoba’ (tjhelete) le ho noha ‘dinoha tse bohlang mollo’ (ditjhutjhumakgala) tse tla fetela  ka thoko ho naha.  

Ho fetohela Bokresteng ho ile ha baka tswelopele ya karohano setjhabeng sa BaNguni ba Kapa, e ileng ya ba teng ho fihlela dilemong tsa 1950, pakeng tsa ba bitswang ‘ba sekolo’ le ‘boramoetlo’ ba bafubedu. Sehlopha sa sekolo, ba ileng ba amohela bokreste le thuto ya Bophirima, e ne e le ka lebaka la ditsha tsa boromuwa le dikolo tsa teng.

Moetlo wa BaNguni ba Kapa

©Dr Peter Magubane

BaNguni ba Kapa wa ne ba susumetswa haholo ke Yuropa ya sejwalejwale, haholoholo moetlo wa ho bua Senyesemane,kamoo ba fuweng kateng ka mantswe le ka diketso ke baromuwa ba Yuropa. ‘Batho ba sekolo’ ba ile ba amohela mokgwa o ikgethang wa ho apara mme wa fetola meetlo ya botjhaba e neng e thehilwe kerekeng le sekolong.

Ba tumelo ya botjhaba ba ne ba hlaloswa e le Bofubedu ka lebaka la tlwaelo ya bona ya ho itshasa ka letsopa le lefubedu difahlehong le mmeleng. Ka ho hanela ka bobedi kereke le thuto ya Bophirima e le dintho tse ntjha tsa dinaha tse ding, ba tumelo ya botjhaba ba nnile ba tswela pele ho etsa ditlwaelo tse hlomphang nako tse thehilweng ka meya ya baholoholo.    

Batho ba buang isiXhosa kajeno boholo ke Bakreste. Esita le marena le dingaka (dinohe le ba ditlamatlama) ba a kgethollwa ebang e se Bakreste. Le ha ho le jwalo, boKreste ba Maxhosa  bo ntse bo eketseha hoo bo seng bo fihlelletse mefuta e fapaneng ya boemo ba sehopotso sa badimo le ditlwaelo tsa botjhaba.

Ka mokgwa o makatsang, mekgabiso e tshwantshang meaparo ya botjhaba ka bokgabane, haholoholo mongwahakgolong wa 20, ke sehlahiswa sa mesebetsi wa matsoho wa matswallwa, ka sehloohong wa basadi se ileng sa thehwa ka ntho ya kgwebisano e tswang Yuropa: sefaha se mmala sa galase, se ileng sa fumaneha habonolo bohareng ba mongwahakgolo wa 19. 

Translated by Maletsatsi Sejake