Ditlhahiso Mapapi le ho Buisana ka Mesebetsi ya Temo

© Andile Bhala

Hangata bacha ba batlang ho qala temo ba qala ho ba di intern kapa ba ithutang dirapeng tsa kgwebo. Future Farmers Foundation ke mokgatlo o hlophisitsweng le ho buisana le batho ba nang le boipiletso mapolasing e le hore ba fumane phihlelo e ntle ya temo. Hang ha ba qetile dithupelo tsa bona Afrika Borwa, ba bangata ba ithutang ba tswela pele ho tlatsa di internship ho ameha ka dihwai tsa machaba. Mothehi, Judy Stuart le ba bang ba 'dihwai tsa nakong e tlang' ba ileng ba qeta dithupelo tsa bona ba ile ba arolelana ditlhahiso tse ding ho tiisa dipuisano tse ntle.

Ha ho Selefouno Dipuisanong

Diselefouno ha di na sebaka dipuisanong tsa mosebetsi. E kgaotse kapa oe siye lapeng. Ho araba fono ha o ntse o buisanwa le bona ke ho hloka tlhompho le mekgwa e mebe. Ha o ntse o batla mosebetsi o hloka ho fihla kapele, hlahisa maikutlo a matle mme o bontshe tlhompho.

E be o Hlwekileng le ho ba Makgethe

Hlapa mme o etse bonnete ba hore o nkga ha monate. Apara ka bohlale. O se ke wa apara dikgalase tsa letsatsi. Bakeng sa banna, ho iponahatsa ka ho phunya ditsebe le moriri o motle ha ho na thuso haeba o se o le mosebetsing wa temo.

Ho Bososela

O ka nna wa tshoha nakong ya dipuisano empa leka ho bososela. E tla ba le maikutlo a matle. Ho monate ho sebetsa le batho ba thabileng - ba phahamisa bohle ba ba potolohileng mme ba etsa mosebetsi o monate. Itlwaetse ho tshwarana ka matsoho - tiisa hore le tiile. Sena se fetisa boikutlo ba ho ba le tshepo, le haeba ho sa le jwalo.

Boemo ba Mmele bo Botle

Ha o dula fatshe, dula o otlolohile. Haeba o inamisitse hlooho kapa o theohela setulong sa hao, ho ka nna ha shebahala eka o halefile kapa ha o thahaselle. E thusa ho itshetleha ka pele le ho sheba mahlong motho ya o botsang.

Botsa Dipotso

Ha o botswa dipotso, o tla botswa dipotso, tseo o lokelang ho di araba. Empa o lokela ho botsa dipotso hape. Etsa dipatlisiso ka polasi le boemo boo o bo batlang. Ha o ntse o tseba haholo ka polasi le moqoqo, ho molemo. O ka botsa dipotso ka polasi; sena se tla bontsha hore o thahasella ebile o tseba hantle. Ha o thahasella haholwanyane ka polasi ya hae, o tla thahasella haholwanyane ho wena, mokgethwa.
O tla boela o ithute ho eketsehileng ka mosebetsi mme o fumane hore na ke seo o batlang ho se etsa.
Ha puisano e fedile, bontsha kananelo ya hao le ho leboha mofuputsi wa hao ka nako ya hae.

Translated by Bongani Matabane