Themphereitjhara sebakeng se itseng, e susumetswa ke dintho tse kang bophahamo ka hodima lewatle, bohaufi ba lewatle le boemo ho tloha ho equator.
Afrika Borwa, hangata dithemphereitjhara tse tlase di fumaneha dibakeng tse phahameng le dithabeng, empa hona ho ka susumetswa ke dintho tse ding. Ebang dintho tsena tse ding di lekana, themphereitjhara ya moya e a fokotseha ha bophahamo bo eketseha ka hodima lewatle, ho bolelang themphereithara e a theoha, ha wena o ntse o nyoloha.
Palo-hare ya - 6.5˚C ho 1000 m ya bophahamo ka hodima lewatle,hangata ho nkuwa e le hona ho tlwaelehileng. Dipalo tse tlase jwaloka - 4.6˚C ho ya ho tse hodimo jwaloka 9˚C ho 1000 m bophahamong ka hodima lewatle, di kile tsa ba teng dibakeng tse fapaneng ho haola le lefatshe.
Ha o bapisa palo-hare ya themphereitjhara ya moya mabopong a lewatle botjhabela le bophirima ba Afrika Borwa, o tla elellwa hore maqhubu a lewatle a ama jwang motjheso wa moya. Palo-hare ya motjheso wa moya Durban ka botjhabela ke 21˚C ha themphereitjhara ya Port Nolloth e ka bophirima e le 14.2˚C.
Dibaka tsena ka bobedi di lebatoweng le le leng. Lebopo le ka botjhabela le susumetswa ke leqhubu le futhumetseng la Mozambique, e leng lekala la leqhubu la Agulhas, ha leqhubu le batang la Benguela lona le theola themphereitjhara lebopong la bophirima la Afrika Borwa.
Taba ya motheo kapa moepa e na le sekgahla se seholo ho palo-hare ya dithemphereitjhara tsa letsatsi le leng le le leng dibakeng tse dithaba tse tlase le maralleng a motheo o tebileng. Afrika Borwa, metheo e shebileng Leboya e mahareng ka botebo, dithemphereitjhara di hodimo ho feta metheong e shebileng Borwa.
Dibakeng tsa di-tropike, boteng ba maru bo ama tlwaelo ya dithemphereitjhara nakong tsa selemo. Ho na ha pula le hona ho na le seabo. Tlwaelo e akaretsang ke ya hore palo-hare ya dithempereitjhara tse phahameng ka ho fetisisa di ba teng pele dipula tsa lehlabula di qala ho na. Dibaka tsa mofuta ona di na le mariha a batang ebile a omme, selemo se tjhesang ebile se omme hammoho le lehlabula le tjhesang ebile le le dipula.
Sebakeng sa tropike sa leboya la Limpopo, dithemphereitjhara tse hodimo le moya o ommeng ka kgwedi ya Lwetse le mathwasong a Mphalane, di na le kgahlamelo e mpe kgolong ya teye sebakeng seo. Ke ntho e lokelang ho elwa hloko haholo ha ho jalwa dimela tse ding tse nosetswang sebakeng seo.
Naheng ya Afrika Borwa, meya e fapaneng e na le kgahlamelo e matla haholo themphereitjhareng ya moya. Dintho tse bohlokwa haholo ke meya e tjhesang le ho omella haholo ya ‘berg winds’, e fokang e tswa dihlabeng tse tjhesang le ho omella, ho theohela lethathameng la dithaba, ho ya dihlabeng tse ithatikang ka lewatle nakong ya lehlabula.
Dibaka tse lebopong la lewatle le ka bophirima tse kang Olifants River Valley, Vredendal le dibaka tse lebopong la lewatle tse Eastern Cape (Kapa Botjhabela) ke tsona tse thefulwang hampe ke berg winds. Dibaka tse nosetswang tse diphuleng tsa Kapa Botjhabela le tsona di susumetswa haholo ke meya ena ya berg winds.
Kgweding tsa mariha, bohare ba naha, haholo Free State, bo hlaselwa kgafetsa ke meya e batang haholo.Meya ena e serame se kenellang masapong, e tswa borwa le borwa-botjhabela ha lehlwa le kgethehile dithabeng tsa Eastern Cape (Kapa Botjhabela) le Lesotho.
Translated by Maletsatsi Sejake