Bateleur Eagle

© Nigel J Dennis
Bateleur Eagle.

Tjhebahalo

Masiba a yona a matsho le bosweu le karolo e ka fatshe ya masiba, sefahleho se bokgubedu bo kganyang le maoto ka molomu o motsho o e kgethollang ho tse ding. Ha e tshwane le di Ntsu tse ding, tse tshehadi di kgolo ho tse tona. Masiba a e nang le selemo a ya tshwana a sootho bo tibileng. Ha e qala e etsa dilemo tse tharo masiba a fetohela botshong, lebosweu le boputswa ho tshwana le tse kgolo. Ho nka dilemotse 8 hore e nyane e fele masiba a sootho e fumane a matsho jwalo ka e kgolo kaho feletseng. E nale masiba a ikgethang malelele le mohatla o mokgutswane, hore maoto a yona a be malelele ho feta mohatla ha e fofa. Mahlo a yona a sootho a dikadikuwe ke laetlalo la sefahleho le bokgubedu bo kganyang, le masiba a fokolang. Maoto a tshwana le sefahleho ka bokgubedubo kganyang. Tse tshehadi mapheo karolo e ka hodimo e sootho mme e kgona ho ipata, ha tse bohareng masiba a tsona a le maputswa boholo.

Dijo

E qeta dihora 8-9 moyeng ka letsatsi e batla dijo. Dijo tsa yona di kenyelletsa matsa, ditweba, dinonynana, dinoha, ditopo, mekgdutswane haholo e shweleng tseleng.

Tswalo

Tse tshehadi di behela mahe a tsona sefateng se seholo, ele ho di tshireletsa. Mme o fuwama mahe ha ntate a ilo batla dijo le dithupa bakeng sa ho etsa sehlaha. Ka dinako tse ding ntate le yena o wa fuwama. Nako yah o fuwama ke matsatsi a 52-59, mme e ya qotsa. Ka mora matsi a 110 ledinyane le tlohelasehlaha, empa e tla tswela pele ho fumana dijo hotswa bakeng sa matsatsi a mang a 100. Ke dipersente tse 2 feela tse ka fihlang boholong.

Boitshwaro

Tse pedi dula bophelo ba tsona mmoho, di dula sehlaheng se le seng dilemo mmoho. Tse seng mmoho tse hodileng di rata hoba lehlakoreng sehlaha. Tsena tse mmoho ha di di tebele pela sehlaha empa ha di di thuse. E tsebahala ka ho fofa ka potlako, mme e fofela nthong ka kotloloho oo ke wona mokgwa wa ho fofa o twang. Nonyana ena e kgona ho fofa dimaele tse 300 dihoreng tse 8 tsa letsatsi e batla dijo. Ka baka la nako ena eo e kgona ho etsa letsatsing e fofa e batla dijo, palo ya di ntsu e e hlaha e e nkuwa ele mantswallwa a karolo ya sub-Sahan ya Afrika, empa palo ya tsona e ya fokotseha. E etsa mokgwa o motle wa ho fofa moo di tlabe di fofa ka dikamano, di fofela hodimo eka di hlwa moepa ebe di diya fatshe e kaka di ya qwela. E tshehadi e bidike ka mokokotlo ho bontsha dingwaparela, e pitike hape e fofa ka lebelo le leholo. Di ka latela baetapele di fofa ka ho e ina le ho pitika mme di ka pitika ka di grad tse 360 mahlakoreng, moo hangata di latelwa ke tse ntse di otlanya mapheo mmoho. Modimo oo o ka utlwa ke batho ha bale boemong bo lekanang le dinonyana tsena. Kaofela ha sena di ka felehetswa ke rata la makgwaba. Di rata ho latela letsatsi. Di ema tswete ebe di tshwara tshwara mapheo a tsona a otlolohile e ise ka lehlakoreng mme e qetelle ka ho a emisa.

Bodulo

Mahwatateng a Sahara Afrika Borwa moo ho senang moru o teteyang. E rata lefatshe le bulehileng, le jwang le difateng tse nang maoka. E fokotsehile dibakeng tse ngata ka borwa ho Afrika.

Moo di fumanehang

Mahwatateng a Sahara Afrika Borwa. E rata moru le difate.

Lebitso la Selatin

Tarathopius ecaudatus