Di Bastaards tsa Richtersveld

Batho ba sa Tlwaelehang

©Shem Compion
Ka mora ketelo ya pele ya van der Stel ho ya Copper Mountain, tsela e yang leboya e hole e ne e behilwe. E ne e se tsela e phathahaneng, ka ditsela leha e le dife, empa dilemong tse latelang tse 200 batho ba bangata ba sa tlwaelehang ba ile ba kena Namaqualand le ho potoloha. Tsena di ne di akarelletsa ditsomi, bafuputsi, ditsebi tsa dimela, dihwai tsa Europe, makhoba a phonyohileng le ba bangata ba bitswang di Basters kapa Bastaards (batho ba nang le madi a tswakilweng). Le batho bana ba bacha ba fihlileng ba hlodisana le mobu le thepa, palo ya dikgohlano sebakeng sena e ile ya eketseha - haholo-holo nakong ya komello.
Pele, a re ke re bue ka di Bastaards tseo. 'Meloko ena ya madi' e tswakilweng e ne e tsebahala ka mabitso a mmalwa, empa mebuso ya bokolone e ne e ba kgetholla e le 'Bastaards' (e seng ya selemo sa Europe le bao e seng makhowa) kapa ‘Bastaard-Hottentots’ (bana ba makhoba le ma Khoikhoi ). Ka lebaka la moloko wa bona o belaetsang, boholo ba batho bana (le hoja ka mokgwa ba lokolohile) ha ba ka ba tshwaneleha ho ba moahi ka hara kolone. Ka lebaka leo, ba ile ba etella pele mokgatlo wa batho ka leboya, moo ba neng ba ipatlela setsha.

Adam Kok

Mona, ba ikamahanya le dihlopha tsa Nama tsa matswallwa a naha, hangata ba laola baahi ka lebaka la dithunya tsa bona, thuto kapa maruo wa bona. Ba ne ba boetse ba jara basebeletsi ba dipolotiki ka lebaka la bodumedi ba bona ba Bokreste le ba bang ba bile ba kgona ho ipeha mapolesa kapa ditokelo tsa ho fula balaodi ba bokolone, mme qetellong ba atleha.
Adama, ya tummeng wa sechaba sa Griqua, e ne e le motho e mong ya joalo. Kok o ile a tloha Cape ho ya Piketberg, moo a ileng a dula polasing ya Stinkfontein ka 1751. Hamorao, eyna le ba lelapa la hae ba fallela leboya Kamiesberg moo batho ba hae ba ileng ba ba mafolofolo ha ba le kgwebong pakeng tsa batho ba Europe, Namaqua le batho ba ka borwa ba Tswana. Hoo e ka bang ka 1780, ditho tse ding tsa lelapa di ile tsa boela tsa ya Orange River, moo di ileng tsa dula sebakeng sa Kimberley, pele di tswela pele ho ya batla naha ya tsona. Ho falla ha bona kamehla ho ne ho ka etsahala hore ebe batho ba tsamayang ka maoto ba ne ba fallela le ho hapa naha.

Bosluis Basters

Bosluis Basters ba fumana lebitso la bona ho tloha lehaeng la bona la mathomo, polasi ya Bo-Sluis (ka hodimo ho molatswana), eseng ho tswa lentsweng la Seafrikanse 'bosluis', e bolelang letshwao la dikokwana-hloko kapa louse. Hape ho bohlokwa hore re hlokomele hore lentswe "baster" le nang le bobebe le lekanang le "bastaard" ya pejana, le bolokilwe ka boikgohomoso bo bongata ka dihlopha tse ngata tsa baster (ho kenyeletsa le Rehoboth basters tsa Namibia). Bahlalosi ba mmalwa ba ngotse hore lebaka la sena ke la dilemo tsa bo 1800, ha boemo ba bona e le 'halofo-bakgethollwa' bo ba kgetholla e le ba molemo ho feta ba tlase ba 'hottentots' le baahi ba bang.
Leha ho le jwalo, ho fihla ha Bosluis Basters e ile ya eba ntho e ferekanyang ma Khoikhoi a moo. Ke ile ka bolellwa hore qalong dihlopha tsena tse pedi di ne di sa tsotellane mme, haufinyane dilemong tsa bo 1980, lenyalo pakeng tsa Nama le Baster le ne le tla hlahisa dintshi Eksteenfontein. Kajeno, leha ho le jwalo, dihlopha tse fapa-fapaneng tsa Richtersveld di se di kopane jwaloka sechaba mme di sebetsa hammoho bakeng sa molemo wa bohle.

Translated by Bongani Matabane