White-Tailed Mongoose
Motjhallahatlatshweu

© Roger de la Harpe

Lebitso

Motjhallahatlatshweu [Ichneumia albicauda]

Ponahalo

Ha hona phapang pakeng tsa boima ba tse tshehadi le tse tona, tseo e leng hore di ya tshwana ka mmele. Ka botelele ba mmele ka dimilithara tse 1,1 le boima ba dikhilogerama tse 4.3.
Ka boya ba mmala o bosootho bo botsho, le mehatla ya yona e melelele e meriri e mesweu. Maoto a tsona a mmala o motsho le maoto a kapele a hlahang a le makgutshwanyane.

Dijo

Dijo tsa Motjhallahatlatshweu di kenyelletsa haholo-holo dikokonyana, dikokobele, dikgola bolokwe, ditsie le marutle. Di tsejwa hape le ka ho nka dihahabi, ditweba le dinoha.

Ho Ikatisa

Di tswala ledinyane leleleng ho isa ho a mararo ka morao ha nako ya ho emara ya dikgwedi tse pedi. Thobalano mahareng a tsona e etshala nakong ya Pudungwana, le pelegi hangata e nakong ya dikgweli tsa lehlabula.

Boitshwaro

Motjhallahatlatshweu haholo holo e tsamaya e lenngwe, empa ka nakong engwe e dula le maloko a manyane.

Bodulo

Motjhallahatlatshweu e dula dibakeng tse mongobo jwalo ka meru le lesabasabeng.

Moo Difumanwang Teng

Kabo ya tsona mona Afrika Borwa e fumaneha ho tloha dikarolong tse ka bochabela ba Profise ya Lebwa, ho ya Mpumalanga ho fihlela borwa ba Monti.

Dintlha tsa Tshimo

Ke e ngwe ya mesha e sa tsebahaleng, mohlomong ke ka lebaka la yona la mekgwa ya ho sebetsa bosiu. Empa le ha ho le jwalo di nale le lerata la modumo wa ho bohula le utlwahalang haholo nakong tsa thobalano. Di boela dintshe mokedikedi o ditshila o tswang dithong tsa mekotla ya tsona ya dibono ho itshereletsa ha e le tlasa kgatello ya kelello.