Waterbuck
Kgama ya Matsha

© Roger de la Harpe

Lebitso

Kgama ya matsha [Kobus ellipsiprymnus]

Dijo

Kgama ya matsha e fula haholoholo jwang haufi le matsha. Di tla fula leha jwang bo le maemong a sa kgahliseng. Kgama ya matsha e phela ka metsi ebile e tla a a nwa tsatsi le leng le le leng.

Tjhadimeho

Ena ke kgama e kgolo e matla. Poho di na le bophahamo ba dimetara tse 1.4 mahetleng. Ebie di ka kala ho fihlela dikilogeramo tse 260. Kgomo tsa teng di nyenyane ho dipoho kgama ya matsha e na le boya bo sootho ho ya boputswa bo bohlaswa Mahlo le nko a na le matheba a masweu, ebile e na lelepetu le lesweu tlasa mmetso. Noka e na le letsa le lesweu.

Ditsebe di kgolo di tjhitja ebile e tsejwa ka tsona. Ke feela dipoho tse nang le manaka a malelele a a tshokamang. Tsohle dikgama tsa matsha tse tona e tse tshehadi di kgasana ka monkgo o nyakallang oo o diehang ho feela moo di ipehang teng.

Tswalo

Kemolo e etsahala mahareng a mariha, empa e ka ba teng hanyenyane selemo sohle. Ka morao ha dikgwedi tse robong tsa tswalo, namane e leng ea tswalwa, mehla e meng e ka ba mafahla.

Pelehi e atisa ho ba ngata ka lehlabula. Dibeke tse mmalwa, lesea le ka ipata jwang bo teteaneng bo bolelele pele e teana le mohape ka ho latela mmatsona.

Boitshwaro

Kgama ena ke e phedisanang le tse ding. Poho tse kgolo di tla hloma naha moo di tla e sireletsa ka seemo se halefilenh ebile le ka dintwa. Kgomo, namane le pohwana di teana ho eba mehlape.

Ditho tsa mehlape ena di ka fapana ha ditho di atisa ho itsamaela le ho kena ho wona. Ke sesesi se hlabosang ebile ha di lwantshwa di ka ipata metsing a tebileng, E fumanwa e le mehlape e matla ya ditho tse 30.

Lehae

E atisa ho phela moo metsi a le teng kabophara, e atisa ho phela merung e teteaneng ka jwang ba maemo a lokileng ho ya ho a hlabosang. Kgama ya matsha e ka ya masabaneng.

E Fumanwa Kae

Aforikaborwa e teng matsheng a maholo a Mpumalanga, Limpopo le bokone ba KwaZulu-Natal. Ha se kgale e kgutlisitswe dirapeng tsa St Lucia le Ithala hona KwaZulu-Natal.

Dibatana

Mafiritshwane, ditau, mangau ke tsona dibatana tse kgolo, empa dikwena, dintja tse hlaha le magau le ona a ka tsoma kgama tsa matsha.

Pokello tsa Bohlokwa

Lebitso tsa Selatin – Kobus ellipsiprymnus
Bokalo (e tshehadi) – dikilogeramo tse 205 – 250
Bokalo (e tona) – dikilogeramo tse 250 – 270
Bolelele (e tshehadi) – disentimetara tse 210
Bolelele (e tona) – disentimetara tse 210
Nako ya ho tswala – dikgwedi tse 9
Palo ya madinyane ka tswalo – namane e leng
Otara – Artiodactyla
Lelapa – Bovidae
Manaka – disentimetara tse 75
Tswalo – namane di beleha ka nako e nngwe le e nngwe ya selemo leha nako ya pelehi e tlwaelehileng e le ka lehlabula bakeng tse ding.

Tlhaloso ya Mothalo

Mothalo wa kgama ya matsha e ya ka dilemo le botona ba yona. Methalo e meng e sephara e nthithi ha e meng e tswetse e patisane.