Tshotleho ya Winnie Mandela e tswella pele

A Kwallwa mme a Tlatlatjwa

©Eric Miller

Kantle le taelo ya ho thibelwa e neng e laola motsamowo wa hae, Winnie o ile a nna a tswela pele ho lwantsha kgatello. Ka 1969 o ile a tshwarwa ka tlasa molao wa Section 6 Terrorisim Act o neng hlalositse hore motho o fe kapa ofe a ka tshwarwa kantle ho lengolo le laelang ho tshwarwa mme o bolokwe kantle ho kemelo ya molao ha o ne o belaelwa hore o kotsi ho molao taelo.

O ile ka tshwara a kwallwa a le mong dikgwedi tse 17, matsatsi a 200 a pele o ne a sa lokela ho bonwa ke batho ntle le sehlopha se hlomang dipotso ba neng ba mo hlekefetsa ha bohloko. Sele ya hae e ne e tletse dinta, kobo e nang le dikolo tsa moroto, botlolo ya metsi ya polasitiki, kopi le bakete e hlwekisang e senang mohwele. Lebone le lefifi ka hodimo ho yena ka nako tsohle, ba mo hatella bosiu le motsheare. Bohloko ka tlasa maemo ana bo ne le sehloho haholo.

O ne a thibelwa ho robala matsatsi a mahlano ka mona ba mo hloma dipotso ba mohatella ho araba. Motshwaruwa e mong o ne a tliswa a mo shebelle ha ba ntse ba mo tlatlapa. Ba mo jwetsa hore manganga a hae ke ona a entseng seo le mahloko a batshwaruwa ba bang.

Ho ile ha ba Boima ho Amohela

©Eric Miller

Qetellong Winnie a teneha mme a tshepisa ho araba ho hlongwa dipotso. Teko ya hae ho ile ha tswelapele tshitweng eo mme o ile a ntshuwa kantle le ho fumanwa molato. Taelo ya ho tebelwa e ntjha e ile ya iswa ho yena. Ena e ne e na le dipehelot se kgolo ho feta tse fitileng. O ne a sa lokela ho tswa lapeng la hae dipakeng ta hora ya 6 hoseng le hora ya 6 mantsiboya.o ile a etela ntate wa hae Transkei pele a nka sepheto ka tsamaiso ya lefatshe labo.

Ha taelo ya thibelo e sa eme o ile a etela molekane wa hae Robben Island. Maemo a ne le thata mme o ile a tsamaya a sa kgotsofala. A kgutlela lapeng mme ho ne ho se bonolo ikamahanya le boemo. Maponesa a nna a tswela pele ka tlhaselo tse sehloho mme ntlo ya hae e ne e etelwa kgafetsa e siwa e sentswe, ba utswa kapa hlastswe ka bomo.

Maemong ao o ile a nna a ipeha ntlheng ya hae, kahlolo ya hae ya nna ya ba matla le ho feta, le ha hole jwalo a nna a tswela pele ka molaetsa wa hore a keke a tshoswa.

O ne a Sebediswa ho bewa Molato

©Eric Miller

Winnie o ile a tshwarwa hape ka 1973 hobane a kopane le motho e mong ya lelekuweng, raditshwantso Peter Magubane. Dilemo tse 12 o ne a ahlotswe ho sebeletsa tjhankane ya basadi ya Kroonstaad, empa o ile a fumana ho sa bate haholo mme o ile a lokollwa pele ho dikgwedi tse 6. Ha ho tebelwa ha hae ho fela ka 1975 ha yaka ya ntjhafatswa.

O ile a tswela pele ho kena ka ho teba merusung ya baithuti ba Soweto ya 1976. O ile thusa hape le ho qala Soweto Parents Association mme etela batshwaruwa le ba tswilwng dikotsi merusung. Le ha Winnie a ile a ile a fana ka tshebetso e ntle merusung, mmuso o sola bakeng sa dintho tsohle tse fosahetseng. Ba ile ba mo tshwara mme ba ho boloka dikgwedi tse hlano pele a fumana taelo ya thibelo ka 1977.

O Lelekelwa Brandfort

Ka 1977 hape ke selemo seo a ileng a lelekelwa lekeisheneng le lerole la Brandfort Free State. Moo a ileng a dula dilemo tse robedi kaofela. Basebeletsi ba mmuso baile ba jwetsa baahi ka moo Winnie a leng kotsi ka tseng mme ba lokela ho nena ka moo ba ka kgonang.

Le ho le jwalo, Winnie o ne a ntse a ena le tjheseho a ena le mafolofolo dipolotiking mme a kgona ho lema setjhabeng se mo potileng. Ha a ntse a le moo o ile a qala kitjhene ya sopho, dirapana tsa selehae, thuso ya bophelo e tsamayang, setsi s tlhokomelo, tlelapo ya ho roka le bokelletsa dikgutsana le ditlokotsebe tse batjha.

Translated by Sibongile Sonopo