Thekiso ya Polasi ya Dikolobe

©Dr Jim Robinson
Ha o ntse o boloka dikolobe di ntse di le polasing, e ba theko e boima ho feta ho di fepa le ho fokotsa monyetla wa hore di ka kula kapa tsa tswa dikotsi. Ka lebaka leo, balemi ba lokela ho kgetholla nako e ntle ya ho rekisa dikolobe tsa bona, ho latela tsamaiso ya bona ya dihlahiswa le maemo, ho hlahisa dikolobe tseo di di hlahisang le kgolo ya dikolobe tsa bona.

Nako ya ho Rekiswa

©Glenneis Kriel
Diphoofolo di ka rekiswa ka nako leha e le efe, empa ka tlwaelo dihlahiswa di rekiswa dibeke tse tsheletseng ha di lekana le dikhilograma tse 9 ho isa ho tse 10 ho matlafatsa chelete, kapa dibeke tse 10 ho isa ho tse 12 ha di lekana le dikhilograma tse 25. Dikolobe le nama ya kolobe di rekiswa ha di se di hodile, me hangata dikolobe di na le boima ba dikhilograma tse 70 le nama ya kolobe e boima ba dikhilograma tse 75 ho ya ho tse 95.

Dipuisano tsa Theko

©National Pork Board and the Pork Checkoff, Des Moines, IA, USA.
Ho fumana hore na theko e loketseng ke efe, South African Pork Producers Organisation (SAPPO) ho buka ya tlhahiso ya Pigs for Profit e eletsa balemi ho sebedisa theko ya morao-rao ka khilograma bakeng sa bokowa e le ntlha ya ho tloha dipuisanong. Theko ya bana ba dikgutsana ba nang le boima ba dikhilograma tse 9 ho isa ho tse 10, hangata e ka ba makgetlo a 24 theko e neng e tla lefshwa ka khilograma bakeng sa bokowa le ka makgetlo a ka bang 30 ho batswetse ba lekanang le dikhilograma tse 25. Theko ya dikolobe ka kakaretso e phahame ho feta bakeng sa bakonni. Bua le dihwai tse ding ho utlwa seo ba se fumanang le ho bala dimakasine tsa temo ho itlhalosa ka se etsahalang mmarakeng.

Moo O ka Rekisang

©Glenneis Kriel
E ne e tla ba phoso e kgolo ya ho qala kolobe ebe o tshepile se molemo ka ho fetisisa ha o hloka ho rekisa diphoofolo tsa hao. Bakeng sa diphello tse ntle, o hloka ho tseba le ho boloka mmaraka pele o kenya chelete e ngata kgwebong ya temo, e leng ho bonolo ho e bua ho feta ho etswa ho tloha ha bareki ba bangata ba batla ho bona dihlahiswa tsa hao pele ba di reka.
O ka sebetsa ka moemedi. Hangata mahlahana ana a lefella bahlahisi dibakeng tse kgolo tsa diphoofolo. Ba tla hlokomela ditokisetso tsohle tsa diphoofolo tse robalang diphoofolo, tse kang ho lefshwa ha diphoofolo, ho hlahloba le ho lefella dichelete le ho buisana ka theko ya dikolobe tsa hao letsatsing la ho pepa.
Ntho e nngwe e kenyeletsang ke konteraka ya sekgukgu le raselakha, mofani wa thepa kapa mohlokomedi, e leng ntho e ntle hobane hangata theko e behilwe bakeng sa nako e itseng e thusang bahlahisi hore ba se ke ba fetoha ka theko ya letsatsi le leng le le leng. Bothata mona ke ho ba le boholo bo lekaneng le phepelo e tsitsitseng ya dikolobe tse ntle. Bahlahisi ba ka kgona ho hlola bothata bona ka ho hula mehlodi le ho rekisa dihlahiswa tsa bona hammoho.
Dikolobe di ne di ka boela tsa rekiswa ka thepa e rekiswang, ka ho toba ho diphoofolo tse nyenyane ha di ntse di fumaneha kapa di hlajwa lapeng.
Ha di tsamaisa diphoofolo tse phelang, dihwai di lokela ho etsa bonnete ba hore di na le tumello ya ho tsamaya, ho seng jwalo dikolobe di ka nkuwa. Pigs for Profit e lemosa kgahlanong le kgwebo ho bafuputsi ba tsamayang, ba tswang polasing le masimong ho ya reka dikolobe, hobane ho na le kotsi e kgolo ya hore ba ka tlisa lefu lena polasing ya hao.

Translated by Bongani Matabane