Temo ya Dragon Fruit Afrika Borwa

© Teknad

Dragon fruit ke tholwana e kgolo, e makgekgefa ebile e le kgubedu ka mmala e hlahiswang ke cactus e holang ka potlako e ntseng e salletse morao. 

Masimo a lehae a dragon fruit ebile e le indasteri e sa ntse e le ntjha Afrika Borwa, a bontsha bokgoni bo boholo ba ho tsamaisa ditholwana tse ngata mebarakeng ya hemisphere e leboya. 

Indasteri ya dragon fruit ya Afrika Borwa e thehilwe hodima mefuta e letlalo le lefubedu ka bokahare bo pinki bo ratwang haholo. Dragon fruit e rata boemo ba lehodimo bo futhumetseng, mme e lengwa ka katleho e kgolo dibakeng tseo di-avocado le matokomane a macadamia a lengwang teng, e be e kotulwa ho tloha ka Tshitwe- Pherekgong ho ya ho Mmesa - Motsheanong.

Translated by Maletsatsi Sejake

About Dragon Fruit

Dragon fruit ke tholwana ya tropike e welang sehlopheng sa cactus e nyolohang (Cactaceae). E tsejwa hape e le pitaya kapa strawberry pair mm...more

Ya Dragon Fruit - Tshebediso le Melemo

Ditholwana tse kgolo, tse makgekgefa tsa semela sa dragon di ratwa haholo Asia, mme ke e nngwe ya tse 5 tse ka sehloohong, kamora ditholwana...more

Temo ya Dragon Fruit

Temo ya dragon fruit e etswa lefatsheng lohle, moo boemo ba lehodimo bo loketseng dimela tse tsa tropike tsa cactus....more

Tlhahiso ya Dragon Fruit

Dragon fruit, e bitswang pitaya, ke tholwana ya cactus e ithatikang e nyoloha,mme e thunya bosiu....more