Steenbok
Thiane

© Roger de la Harpe

Lebitso

Thiane [Raphicerus campestris]

Tjhadimeho

Di sootho ka mmala ka ditsebe tse sephara tse telele. Di bophahamo ba dimilimetara tse 520 mahetleng ebile di kala dikilogeramo tse 11. Dirope tse ka morao le dimpa di tshweu. Ke feela dipheleu tse nang le manaka a tsepamisitseng a masesane a melang ka hodima mahlo. Di na le thwelesa tse ntsho mahlong a teng a maholo a matsho. Thwelesa tsena di bonahala thianeng tse tshehadi le ho tse tona.

Dijo

Kgama ena e lebelo e fula feela ebile e rata dimela tse nang le dipalesa. E atisa ho kgetholla dijo tsa teng ka ho kgetha mahlaku a matjha, dipalesa, ditholwana le dikutu tse phodileng tsa dimela tse fapaneng.

Bokgoni ba tsona ba ho phela ntle le metsi bo tsamaisana le ka mokgoo di fulang ka teng. Di ja metso le dikotola kgweding tse ommeng ka ho haraka mobu le ho tjheka ho fihlela mahetleng, ho thola dijo tsena tsa phepo e hodimo.

Tswalo

Sehla sa kemolo ha se tsejwe hantle haholo. Pelehi e ba teng selemo sohle. Nako ya tsona ya tswalo ke kgwedi tse supileng, ka morao ha moo ho tswalwa konyane e leng. Konyane e patwa kgwedi tse tharo ho isa ho tse nne, nakong ena mmayona ke yona e teanang le yona ho tla e nyantsha le ho he hlatswa. Ho pata boteng ba ledinyane, mmalona o tla ja boloko ba lona ebile o tla nwa moroto wa lona ha e e etela, ketso ena e pata monkgo wa konyane ebile e siriletsa konyane dibataneng.

Boitshwaro

Tse tona le tse tshehadi di abelana sebaka sa bodulo. Di atisa ho phela di le ding. Tse tona di tla hlma naha ka ho ntsha metsi le kgaso e tswang thweleseng e seldung le boloko ba teng. Ke sekakgomo sena feela se harakang mobung pele le ka morao ha ho ntsha metsi le ho ithoma.

Tse tona di tsejwa ka ho sebedisa ditsela le mehala ya difounu e le meedi. Kutlwo ya tsona e a hlabosa. Di atisa ho ja nama eo dibatana e di siilng ebile e atisa ho bolaya ditsuonyane tsa dinonyane tsa mobung ka baka la tlala.

Lehae

Di atisa ho phela masabasabaneng moo ho nang le jwang bo bolelele le mahlaka. Ha e yo merung, dithabeng le merung e teteanen le majweng. Ka nako, e ka dula mekoting, moo e ka tswala teng.

E fumanwa kae

Ke kgama e fumanwanh hohle ho feta tse ding Aforikaborwa. Di fumanwa hohle naheng ebile ke mofuta wa phoofolo e tsejwang haholo.

Dibatana

Mangau, thoane, ntja e hlaha, lefiritshwane, tlhware le ntsu.

Pokello tsa bohlokwa

Bokalo (e tshehadi): dikilogeramo tse 11 -13
Bokalo (e tona): dikilogeramo tse 9 - 13
Bolelele (e tshehadi): disentimetara tse 90
Bolelele (e tona): disentimetara tse 90
Nako ya ho tswalwa: dikgwedi tse 6
Palo ya madinyane: 1
Dilemo tsa kemolo: dikgwedi tse 6
Otara: Artiodactyla
Lelapa: Bovidae
Manaka: disentimetara tse 13 (tse rekotilweng lefatsheng e bile bolelele ba disentimetara tse 19)
Tswalo: Ledinyane le leng kapa a mabedi a tswalwa nako e nngwe le e nngwe ya selemo (hangata ke Pudungwana kapa Tshitswe) ka mararo ha nako ya tswalo ya dikgwedi tse 6).

Tlhaloso ya mohato

Mohato e batlile ho tshwana le wa hlwaele. Maoto a sephara ebile a maholo ho feta a hlwaele.