Spotted Hyena
Leliritshwana

© Roger de la Harpe

Lebitso

Leliritshwana [Crocuta crocuta]

Tlhaloso

Seo se kgethollang sebatana sena sa masabasaba a Aforika ke hore e ne e tsejwa pele e le e nngwe ya diphoofolo tse jang masala a dijo tsa dibatana, empa matsatsing ana ke setsomi se atlehileng. Ditjhebeho tsa teng tse sekameng le motsamao wa yona o tshopodi, mmoho le pitso ya teng e sele di ile tsa fa Leliritshwana setumo se mpe. Kgale ho ne ho nahanwa hore tswalana le ntja, hona jwale ho fumangwe hore ditjhebeho tsa yona ke tsa bokatse.

Leliritshwana e tsejwa ka setsheo sa lona seo se utlwahalang masiung a mang le a mang Aforika. Mofuta wa phoofolo ena o tsejwa ka hloho ya teng e kgolo, mokokotlo o rapameng le ho fofonela ho kgethehileng. Tse tshehadi ke tsona tse renang pokellong tsa tsona hape di diholo ho feta tse tona. Tse tsehadi di bolelele bo dimilimetara tse 850 mahetleng, di kala dikilogeramo tse 70 ha tse tona tsona di kala dikilogeramo tse 60.

Lefiritshwane le na le ditsebe tse tjhitjha tse tshehla ka matheba a matsho. Ka baka la botshehadi bo tswetseng ka ntle bo batlileng ho tshwana le botona, ha ho bonolo ho bolela hore Leliritshwana ke le letshehadi kapa le letona.

Dipokello tse Bohlokwa

Lebitso la SeLatin: Crocuta crocuta
Bokalo (le letshehadi): Dikilogeramo tse 56 - 80
Bokalo (le letona): Dikilogeramo tse 46 - 79
Bolelele (le letshehadi): Dimetara tse 1,5
Bolelele (le letona): Dimetara tse 1,5
Nako ya ho tswala: Dikgwedi tse 3,5
Palo ya madinyane: 2 (1 - 4)
Dilemo tsa ho tswala: Dilemo tse 2 - 3
Bokalo ha di tswetswe: Dikilogeramo 1,5
Otara: Carnivora
Lelapa: Hyaenidae
Lebelo la ho matha: Dikilometara tse 60 ka hora

Dijo

Ditsebi tse ding di tla re Leliritshwana ke sebatana se atlelhileng, hape ha ba sheba phedisano ya teng, ke e kgahlisang. Kgale ho ne ho thwe le boi empa kamorao ha dipatlisiso ho ile hwa bonwa hore ke sebatana se matla se kgonang. Le ne tla ja masala a dibatana tse ding ha le batla, sehlopha sa mafiritshwane se ka lelekisa ditau ho hapa dijo tsa tsona.

Empa, dihlopha tsa mafiritshwane di kgona ho tsomo hantle ho fumana phepo e hlokahalng, Di tsoma diphoofolo tse ding le madinyane a tsona, di ja hape le sefifi. Di kgona ho mathisa dinyamatsane ka lebelo la dikilometara tse 60 ka hora bohole ba dikilometara tse tharo. Dinyamatsane tse kang dinare, diphofu le dikukama ka manaka a kotsi di ka hatjwa ke dihlopha tsa mafiritshwane.

Tswalo

Madinyane a ka tswalwa nako e nngwe le e nngwe. Nako ya ho tswala ke dikgwedi tse tharo ho isa ho tse nne, hangata ho tswalwa madinyane a mabedi ka nako. Madinyane a kala diponto tse tharo ha a tswalwa. A kgweswa ha a le dikgwedi tse 12 – 16. Ha a je dijo ka nako ena ka baka la hore a fumana phepo yohle lebeseng la mmatsona.

Madinyane a hodiswa mekoting mmoho empa ha se hangata di hlokomelwa ke mafiritshwane a hodileng. A matona ha a hodise madinyane, ke a mmalwa a nang le tokelo ena moo le mafiritshwane a matshehadi a ka a lwantshang. Leliritshwana le letona le hodileng le ka tswala madinyane a mangata sehlopheng sa ona.

Boitshwaro

Leliritshwana le matjato bosiu, le atisa ho robala motshehare merung e teteaneng kapa mekoting eo e dithakadu e e siileng. Mafiritshwane a sireletsa dibaka tsa ona. Ditho tsa dihlopha tsa mafiritshwane di atisa ho qhala dihlopha tsa tsona di nto bopa dihlopha tse ding.

Tjhadimeho ya Methalo

Leliritshwana le na le menwana e mene maotong a ka pele le a ka morao ka dinala tse kgutswane tse tenya. Sebopeho sa teng se boima, hona ho bonahala maotong a ka pele ha e hata, maoto ana a maholo ho feta a ka morao. Leliritshwana le hodileng le leholo ho thamahane.

Di Fumanwa Kae

Di atisa ho dula masabasabaneng a ommeng a bulehileng. Leliritshwana le se le fumanwe hohle Aforikaborwa, ke feela mahareng a naha ya Aforikaborwa le Skukuza Kruger le Kalahari Gemsbok National Parks, Limpopo le KwaZulu-Natal borwa.