Qalo ya Nelson Mandela

© Eric Miller

Karolo ya pele ya Mandela

Nelson Rolihlahla (Madiba) Mandela ke monna ya makatsang ya fetotseng histori ya Afrika Borwa mme a tlisa tokoloho setjhabeng. Nelson Mandela o hlahile ka 18 Phupu 1918 motseng o monyane wa Mvezo, haufi le Umtata Transkei, Afrika Borwa. Ntate wa hae e ne ele morena wa sehloho wa BaThembu. Ha e ntse e le moshanyana, o ne a lokisetswa hot la nka borena ba Baaaaaathembu. Lefu la ntatae le bile ka 1930, o ile a bewa ka tlasa tlhokomelo ya le bohlokomedi ba David Dalindyebo motswalae , e le yena morena wa BaThembu ya tshwereng mokobobo.
Ha lapeng ho ntse ho lokisetswa lenyalo la hae, ho baleha ho nyala Mandel a le motswala wa hae ba ile ba ya Johannesburg moo a ileng sebetsa nakwna jwalo ka molebedi wa bosiu. Toro ya Nelson Mandela e ne ele ho mmuelli. Johannesburg o ile a kopana le Walter Sesulu eo a ileng a mo thusa ho fumana mosebetsi wa tlelereke ya ditaba bakeng sa feme e molaong. Ha a qeta lengolo la hae la molao ka ho balla lapeng ka 1941, Mandela o ile a ingodisa le yunivesiti ya Witwatersrand bakeng sa LLB.

Letsholo le kgahlano ka 1952

Mmoho Walter Sesulu le Oliver Tambo, Nelson Mandela o ile a thusa ho qala mokgatlo wa batjha wa ANC ka 1948 o ne e le mongodi kakaretso. Ka 1949 ANC e ile ya tshehetsa ‘porogramo ya ketso’ e ho ileng ha fanwa ka yona sebokeng sa selemo le selemo. Maloko a mangata a sebete jwalo ka Mandela le Sesulu ba ile ba kgethwa programong ena.
Mandela le Sesulu ba ne ba sena tshepo dihlopheng tsa merabe e meng, empa Mandela o ile a fetola mehopolo ka phutuwo e kgahlano ya 1952. Mandela o ile a etswa moithaopi ya ka sehlohong wa letsholo lena. Jwalo ka karolo ya hae ya mosebetsi o ne tsamaya ho ralla le Afrika Borwa a ngodisa e bile a tekena baithaopi ba neng ba ikemiseditse ho kgaola molao wa kgatello. Sena ke sesupo sa bona sa pele sa ho ba kgahlano le kgatello, Mandela le baithaopi ba 51 baile ba qala ho roba molao wa qomatsi.

Tshwarisano ya pele e molaong ya batho ba batsho

Ka Tshitwe 1952, Mandel a le Oliver Tambo ba ile ba bula tshwarisano ya pele e molaong ya batho ba batsho ka hare ho naha. Kgweding eo, Mandela le ba bang a bo radipolotiki ba ile ba hirwa ka tlasa Suppression of Communism Act.
Mandela o ile a ahlolelwa dikgwedi tse robong tjhankaneng ka ho sebetsa ka thata, a kgaolwa dilemo tse pedi. Nako ya dilemo tse robong o ne abeilwe kantle ka molao. Ka nako eo e nele motlatsa mopresidente wa ANC. Le ha a ne a sa lokela hoy a dikopanong tsa ANC, o ne a sebetsa le dihlopha tse nyane tsa maloko a ANC.

Moralo wa M

Nelson Mandela o bapetse karolo e kgolo ho aheng “Moralo wa M” (O reheletswe ka yena). Moralo o ne o reretswe dihlopha tsa maloko a ANC ho sebetsa ka Katleho le dihlopha tse ka tlase tsa bo raradipolotiki. Ho thilbelwa ho hotjha hoi le ha qobella Mandela ho tlohela mosebetsi wa ANC ka Lwetse 1953. Ho tlowa hoo Mandela o ile a busa sephiring, ntle le selemong sa teko yah o phethola mmuso.
Ka Tshitwe 1956 Mandela le boradipolotiki ba 155 ba ile ba tshwarwa mme ba ahlolwa ka phetolo e phahameng. Dilemong tse ka bang tse hlano ka morao, Justice Rumpff o ile a ba fumana ba se molato bohle. Qetellong y abo 1950 o ile yaba mopresidente wa naha wa mokgatlo wa batjha ba ANC. Ka 1959 triso trial e ne e ntse e tswela pele. Selemong sona seo, ANC e ile ya rala letsholo le kgahlano le dipasa. Letsholo le ile la tswela pele ka nako eo Pan Africanist Congress (PAC), e ile ya lokisetsa mohwanto ka 21 Tlhakubele 1960.

Tlhahiso e potlakileng ya mmuso

Nakong ya e meng ya mehwanto, Sharpville massacre e ile ya etsahala. Sena se ile sa isa moo ANC le PAC di kgaolwang mme mmuso o ile wa etsa tlhahiso e potlakilang. Nakong ya potlako ena ho fihlela ho 1 800 ya boradipolotiki ba batho ba batsho ba ile ba tshwarwa kantle ho teko ho kenyeletsa le Nelson Mandela.
Ka Tlhakola 1961 seboka sa All In Africa se ile sa tshwarwa Pietermaritzburg. Mekgatlo e fapaneng y aba mmoho. Ho kgaolwa ha Mandela ho ne ho fela bosiu pele ho letsatsi leo, mme o ile a etsa dimakatso ka ho hlaha sebokeng seo. O ile a bewa e le mohlomphehi wa wa mongodi wa All-In National Action Council.

Translated by Sibongile Sonopo