Mafu a sewa le Malwetse a Dinotshi

© Chris Daly
Ho ba le tsebo ka mafu a sewa le malwetse a dinotshi tsa mahe a ho bohlokwa bakeng sa barui ba dinotshi ho etsa bonnete ba hore dihlahiswa tse phetseng hantle le tse nang le boleng bo phahameng ba dinotshi.

Ho laola le ho tsamaisa malwetse a dinotshi, matlawana a dinothsi ohle a lokela ho ngodiswa mme malwetse leha e le lefe kapa mafu a sewa a tlalehe mokgatlong wa hao wa mahae wa moo.

Kakaretso ya mafu a sewa le malwetse a dinotshi a bohlokwa ka ho fetisisa Afrika Borwa e itshetlehile ka boitsebiso ba dipatlisiso ka dipatlisiso tsa tshireletso ya dimela tsa Agricultural Research Council (ARC).

American Foulbrood

©Jrmgkia
American foulbrood (AFB) e tshwaetsanang haholo e bakwa ke baktheria ya Paenibacillus larvae, e thata haholo ho e fedisa mme e ka baka tahlehelo e matla bakeng sa barui ba dinotshi.
Matswao a lefu: Tshenyane e shweleng e na le monkgo o mobe. Dikolone tse nang le tshwaetso di phatlaladitse le mekgwa e sa tshwaneng ya bana ba nang le mekgwa e fifetseng, e bonahala e le mafura le mekwahelo e tsitsitseng.

Amoeba Disease

Bolwetse bona bo ama mokgwa wa ho sila dijo ho dinotshi tsa mahe mme bo bakwa ke protozoan Malpighamoeba mellificae. Le hoja bo eso fumanwe Afrika Borwa (2018), bo fumanwe Zimbabwe.

Chalkbrood

©Jeff Pettis, Bugwood
Fungus ya Ascosphaera apis, e etsang hore chalkbrood e hlasele feela tshenyane ya dinotshi. Tshenyane e nyenyane e nang le tshwaetso ha e bontshe matshwao a lefu empa e tla shwa ha di tiiswa ka diseleng tsa tsona e le dipopane. Dinotshi tsa basebetsi di tlosa disele tsena ebe di fumana tshenyane e shweleng, hangata di e fetisetsa monyakong wa matlwana a dinotshi, e leng ho etsa hore tshenyane ena e shweleng, (ditopo tse tlotsitsweng ka metswako e thibelang ho bola) e bonahale hantle.

Matshwao a lefu: Hangata barui ba dinotshi ba tla lemoha lefu lena ha ba bona ditopo tse tlotsitsweng ka metswako e thibelang ho bola ena e "raese e qhommeng" monyakong wa matlwana a dinotshi a nang le tshwaetso.

European Foulbrood

©National beekeeping unit
European foulbrood (EFB) ke bolwetse ba baktheria bo amang tshenyane ya dinotshi tsa mahe pele ho capped stage. Le hoja e se e tebileng, EFB ke bolwetse bo tlwaelehileng ka ho fetisisa ba dinotshi Afrika Borwa mme bo bakwa ke baktheria Melissococcus pluton. Ho nahanwa hore baktheria e teng (empa e ka ipata) dikoloneng tse ngata mme e tsoswa ha kolone e le tlasa kgatello.

Matshwao a lefu: Tshenyane e shweleng kapa e shwang e kobehela hodimo, e tshehla kapa e sootho, e qhibidihile mahlakoreng a disele kapa e omme le ho ba rabara.

Le hoja e fumanwa diprofinseng tsohle tsa Afrika Borwa, tshwaetso e bonahala eka e matla haholo dibakeng tse phahameng ka mongobo jwaloka KwaZulu-Natal le Limpopo le lebopong la lewatle.

Nosema

Nosema ke bolwetse bo bakwang ke Nosema apis, bo ama marang-rang a ditho le tse nang le dimatlafatsi tsa dinotshi tse hodileng. Sena se etsa hore dijo tse seng kae di hlahiswe ka tlaase mme di ka fella ka 15% tsa tshenyane e nyenyane e ntseng e hola.

Matshwao a lefu: Lefu lena le ka fumanwa empa matshwao a dikolone tse tshwaetsanang haholo a ka nna a kenyelletsa dinotshi tse mahlonoko le tse kgathetseng tse nang le mpa tse ruruhileng. Hape, letshollo le sootho le ka bonwa ka kgekge le matlwana a dinotshi.

Nosema e hlaha diprofinseng tsohle tsa Afrika Borwa, empa ha e eso kopane le ho shwa ha leloko la kolone.

Varroa Destructor

©Gilles San Martin
Dikokonyana tse kang dinta tsa Varroa destructor tsa eroparasitic e nyenyane e bokgubedu bo sootho ke kokwana-hloko e bolayang dinotshi tsa mahe e bakang ho senya le ho fokotseha ha dinotshi. E ne e hasitswe ho tloha ho yona ya tlhaho, dinotshi tsa mahe tsa Botjhabela (Apis cerana) ho ya ho dinotshi tsa mahe tsa a Bophirima (Apis mellifera).

Dikokwana-hloko tsa Varroa ke dikokwana-hloko tse ka ntle tse hlaselang mahe a dinotshi le tshenyane e kgolo, empa kamano ya dikokonyana tse kang dinta le dikokwana-hloko (e bakang tshwaetso ya bobedi) e thatafatsa mokgwa wa lefu lena le phekolo ya lefu lena le tebileng.

Dikolone tse nang le dinomoro tse ngata tsa varroa di na le mathata a mang a malwetse a dinotshi le mafu a sewa a kang dikokonyana tse nyenyane tsa matlwana a dinotshi, chalkbrood le Braula coeca (tshintshi e se nang mapheo).

Matshwao a lefu: Mekgwa e mebe ya bana ba malapa le bana ba arohaneng, dikwahelo tse kgentsweng le tse chekilweng le tshenyane e kentsweng ka tlaase kapa lehlakoreng la sele. Ho dinotshi tse hodileng - tse holofetseng le dinotshi tsa mahe tse kgafang, dinotshi tse fofang ka bofokodi.

Bayvarol® le Apivar® di ka sebediswa ho lwantsha Varroa destructor Afrika Borwa.

Tracheal Mites

Bolwetse ba Acarine ho dinotshi bo bakilweng ke tracheal mite e nyenyane, Acarapis woodi. Dikokonyana tsena di phunya sepakapaka sa dinotshi (metso) ebe di ifepa haemolymph (‘madi’ a notshi).

Matshwao a lefu: Ha ho na dipontsho tse tshepahalang kapa matshwao a ho eketseha ha dikokonyana tse kang dinta ha matshwao a boetse a amana le tshwaetso ya Nosema le dikokwana-hloko tse ding.

Di tracheal mites di amahanngwa le mapheo a "K" a arohaneng, dinotshi di kgahlela fatshe haufi le matlwana a dinotshi le ho sitwang ke ho fofa.

Dikokonyana tse kang dinta di nyane mme di lokela ho kgethollwa haholo. Di fumanwa ka dipalo tse tlase diprofinseng tsohle tsa Afrika Borwa.

Wax Moth

Tshenyane ya wax moth e dulang mekoting (Galleria mellonella) e siya matshwele a hlantholohileng a ditsela tsa silika ebe e senya kgekge kaofela. Dikolone tse matla tsa dinotsi di ka kgona ho laola baahi ba tshwele. Matlwana a dinotshi dibakeng tse batang kapa dibakeng tse phahameng ha a na tshwaetso ya wax moth.

Bee Viruses

©Xolani90
Ho eketseha ha dikokwana-hloko tsa ho dinotshi hangata ho amahanngwa le dikokonyana tse kang dinta tsa Varroa mme di ka bontsha matshwao ha dikolone di fokola ka lebaka la kgatello ya kelello.

Sacbrood virus (SBV) ke lefu le tsebahalang haholo la dikokwana-hloko tse nang le matshwao ao wa tsebang.

Matshwao a lefu: Karolo e ka ntle e potolohileng tshenyane e tletse metsi a hlakileng, ha hlooho e sa tswetseng pele e fifala. Sacbrood e ka boela ya amohelwa ka mokgwa o sa tshwaneng wa bana ba nang le matsutla a nang le ditlhaku tse kentsweng, tse se nang mmala le tse nang le dikwahelo tse nang le mahlakore a sa leka-lekaneng.

Matshwao a matla a sa foleng a chronic bee paralysis virus (CBPV) le a acute bee paralysis virus (ABPV) a tla bontsha dinotshi di kgahlela fatshe le ka pela matlwana a dinotshi. Lefu le latela matsatsi a seng makae. Dinotshi tse amehileng di bonwa ka hodima diforeimi; ho se tshwane, ho thothomela le ho sitwa ho fofa - ho tshwana le tshwaetso ya Nosema.

Translated by Bongani Matabane