Leralla la Mapungubwe

Lebopo la Botjhabela le ne le Phethesela

©Roger de la Harpe
Qetellong ya dilemo tse sekete tsa pele tsa Mehla e Tlwaelehileng, lebopo la botjhabela la Afrika le ne le phethesela. Basesisis ba dikepe ba Arab le Asia ba ne ba fumane meya ya nakwana ya kgwebo ya selemo, e leng se ileng sa ba nolofalletsa ho tsamaya ka sekepe le ho theosa le lebopo la Afrika moo ba ileng ba hapa matlalo a diphoofolo, kgauta le manaka a tlou ho baahi ba moo. Ho ile ha thehwa diteishene tse mmalwa tsa kgwebo dibakeng tse kang Zanzibar, Mogadishu, Madagascar le Kilwa, ho theha kgwebo ya dintho tse phelang metsing e ileng ya eba teng pele ho maeto a Europe a fumanweng ka dilemo tse fetang 500.

Setsi sa kgwebo se ka leboya ka ho fetisisa se ne se le Sofala, se haufi le motse wa kajeno wa Beira, Mozambique. Ka hona, dihlopha tsa balebedi ba Afrika ba tswang hare di ne di tla tsamaisa thepa ya tsona lebopong la lewatle, moo ho neng ho fapanyetsanwa teng bakeng sa difaha tsa kgalase, dikgetla tsa cowrie le karolo e nngwe ya thepa e entweng ka letsopa e tswang Hole Botjhabela.

Tswelo-pele ya Mapungubwe

©Roger de la Harpe
Kaha sebaka sa Limpopo se ne se ena le disebediswa tse ntle tsa litlou tsa naha bakeng sa manaka a tlou hammoho le letlotlo la kgauta le hlollang ka hara dinoka, meloko e mengata sebakeng sena e ile ya atleha haholo. Butle-butle, bahwebi bana ba pele ba ile ba qala ho hlahisa tswelo-pele e rarahaneng e itshetlehileng ka maruo le boemo ba bona. Ka lehlohonolo, ka nako eo, boemo ba lehodimo bo ne bo le boemong bo botle mme mebuso e tswelang pele e ne e matlafatswa ke dinaha tse nonneng le mehlape e mengata.

Setsi se tummeng sa moetlo ona wa tshebediso ya Mehleng ya Tshepe se ne se le dikhilomithara tse makgolo ho ya ka leboya-bophirimela ho Kruger National Park, pela moedi wa Limpopo le Shashe. Ka 1200, sechaba sena se ile sa fetoha mmuso o moholo, se sebedisa tshusumetso ho feta dikhilomithara tse makgolo a dikete sebakeng seo hona jwale e leng sebaka se se nang moedi pakeng tsa Botswana, Zimbabwe le Afrika Borwa.

E tsejwa kajeno e le tswelo-pele ya Mapungubwe, motse-moholo o hahilwe ho pota-potilwe ke leralla le nang le phaphametsi e ka borwa ho Noka ya Limpopo. Tlhorong ya leralleng ho ne ho dula morena le motsana o monyane. Sebokeng sa leralla ho ne ho ena le baahi ba dikete tse mmalwa, bao ka ho toba ba neng ba tadima morena wa bona e le ntho e halalelang.

Mapungubwe Nakong e Fetileng

©Roger de la Harpe
Dilemong tse 100, batho ba phelang haufi le Leralla la Mapungubwe ba ile ba atleha. Jwale, ka tshohanyetso, tswelo-pele e ile ya wa. Ha e bonahale eka leralla le hlasetswe ke matla a ka ntle, empa phetoho ya mocheso le komello e ka nna ya qobella batho hore ba tswele pele. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, hoo e ka bang ka 1290, Mapungubwe e ile ya tlohelwa hang-hang.

Merabe ya Afrika e ileng ya dula sebakeng seo e ne e nka hore leralla leo le nenwe ka taba. Ho thwe ke lehae la badimo le ho ba le bomadimabe e ka ba monna ya ileng a leka ho hlwa leralla. Ka lebaka leo mapungubwe e ile ya qojwa mme pale ya batho ba yona e ile ya dula e le sephiri ka dilemo tse 700.

E ne e le dilemong tsa bo 1930 feela dihwai tsa batho ba ba sweu sebakeng seo di ileng tsa utlwela ka leralla le thibetsweng mme, di sa dumellane le tumela-kgwela yaa boholo-holo, di ile tsa nyolohela ka lehlakore. Ho fumanwa ha bona mabitleng a mangata a borena maralleng, a tletseng thepa ya mabitla a kgauta, ho ile ha qeta dilemo tse 70 tse epollotsweng.

Diphiri tsa Mapungubwe

©Roger de la Harpe
Ho na le dibaka tse ngata tsa ho epollwa ha dintho tsa kgale tseo diphiri tsa nakong e fetileng le batho ba boholo-holo di ntseng di senya boemo bona bo thata. Leralla la Mapungubwe ('Sebaka sa Phukojwe') e haufi le lediboho la Musina. E ne e kile ya eba qhobosheane ya tlhaho mme e ne e ena le baahi ba pakeng tsa AD 950 ho ya ho 1200. Diphihlelo di kenyeletsa dihlahiswa tse ngata tsa kgauta le ho bontsha moetlo wa kgwebo pakeng tsa Afrika, India le China.

Motsotso o Ikgethang wa Afrika

©Roger de la Harpe
Mapungubwe ke serapa sa sechaba sa pele sa naha se tla tswa nehelanwa ka motsotso o ikgethang wa Afrika; eo e neng e keteka histori e kileng ya hanyetswa kapa ho tloswa.

Empa hoo e ka bang ho feta ka dipolotiki feela. Mapungubwe e bonahala e atile hobane ke sebaka se monate ho se etela. Sebaka sa tlhaho sena ha se a tlwaeleha ebile se ikgethile. Dikampo tsa phomolo di ikgethile. Mme serapa seo se boetse se na le dibaka tse tharo tsa bohlokwa tsa ho epollwa ha dintho tsa kgale tsa Leralla la Mapungubwe, K2 le Schroda.

Translated by Bongani Matabane