Lefu la Newcastle

©Roger De la Harpe
Lefu la newcasle ke leng la mafu a bolayang dikgoho lefatsheng. Hobane ha hona pheko, matshwao a lokelwa ho tlalewa ka potlako ho setsibi sa bophelo ba diphoofolo ya tla thusa ho laola lefu.
Matshwao a ka fapana ho tlowa ho itekanelang ho ya haholo, boholo bo tla ya ka lefu le bakileng bothata, matla a bothata, matla a nonyana kghlano le bothata le dilemo tsa nonyana e tshwaeditsweng.dikgho le dikalakunu di kotsing haholo ya lefu lana ho feta matata le makgansi, ha dikgoho tsa tswalo ya selehae di bonahala di sa tshwaetsehe ha di tshwerwe hantle
Kokwanahloko e ya tshwaetsana. E ka hasana ka ho akgela ha nonyana e e tshwaetsehileng, dinonyana tse phetseng hantle tsa tshwaetseha ha di nwa kapa di ja dijo tse tshwaetsehileng tse weleng, kapa moyeng. E ka hasana ka ho tsamaya, batho le diaparo tsa bona, disebediswa le le dihlahisa tsa dikgoho.

Seo o ka se Shebang

Bothata ka lefu la Newcascle ke hore ha bona matshwao, mme le qetella le ferekantshwa le mafu a mang. Nonyana ka kakaretso e hloka matla, ha e ikutlwe ho etsa letho, e ba monyebe le ho ba le kgatello ya maikutlo, empa ha ho be le matshwao a tshwaetso ntle le ho shwa ka tshoanyetso. Mapheo a nonyana a ferekanya mme ha e je jwalo ka mehla. Ntlheng ya ho behela, o ka bona lehe le se lewa, mme boleng ba lehe ke hore kgetla e ba bonolo kapa ha ena tshobotsi mme karolo e tshweu e ba metsi.

Matshwao a mang a itshetlehile karolong ya mmele o tshwaeditsweng. E tsholla metsi a matala kapa a masweu ke a mang a matshwao. Matshwao a moyeng atshwaetsang a kenyeletsa ho, ho feelwa, ho hohlola, fehelwa kapa ho ithimula. E ba le disaenase kapa hlooho e ya ruruha. Matshwao a tshosang ke ho thothomela, ho hulehamesifa, ho hloleha ho tsamaya le hoshwa ditho. Hlooho ya nonyana e kanna ya tjeka kapa ya kena pakeng tsa maoto mme nonyana e ka tsamaya ka mokgwa wa ho etsa sedikadikwe.

Ha ho etswa ditekotsa ka mora lefu, ho ka bonahala mahloko a latelang:

Madi a tswetseng ka mpeng.
Matheba a manyane mafureng a potolohang pelo kapa mala.
Metsi nkong le disaenaseng.
Peipi ya moya e ka ba kgubedu kapa e bontshe matheba a makgubedu ka hare.

Taolo

Jawalo ka ho sena phodiso, dinonyana jwale di utlwa bohloko ho tswa ho lefu la Newcastle le lokelang ho sengwa. Ha e hlokometswe, setsebi sa phoofolo kapa vet e tla thusa ho laolale ho thibela lefu ho ata ka taolo ho arola le ente e potlakileng, ho ntsha tshwaetso le ho tjhesa matlakala a kgoho le ho shwa ha kgoho.

Tsela e nepahetseng ya ho thibela lefu ke ka ente le tshireletso. Hopola hore ke dinonyana tse phetseng hantle feela tse tla entwa. (Bala haholwanyane ka tshireletso e nepahetseng le thibelo).

Translated by Sebongile Sonopo