Kgetho ya ho Lengwa

© Louise Brodie
Kgetho ya ho lengwa ha morara e susumetswa ke dikarolo tse sa tshwaneng; Ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa ke mofuta wa mobu le sebaka (mohlala, matswapo, bophahamo ka hodima metsi a lewatle) hammoho le mofuta wa veine e lokelang ho fanwa bakeng sa mmaraka e itseng. Nakong ya moralo wa morara o mocha, boholo ba temo bo lokela ho nkwa. Ka mohlala, e tla ba le diphello tse sebetsang bakeng sa ho kotula dijalo tse pedi tse sa tshwaneng ka nako e le nngwe. Ha o kgetha dijalo, dinako tsa kotulo tsa dijalo tse fapaneng di lokela ho nkwa ka hloko e le ho rera nako ya kotulo.
Ha o kgetha mofuta o itseng wa temo, e lokela ho hopolwa hore mobu o ka boela wa ena le hlahiswa e le nngwe kapa tse fetang. Dihlahiswa tse ding di hlahisa pejana kapa di ka ba le dihlopha tse kgolo mme ka hona di ka beha morara o eketsehileng. Kgetho ya methapo e boetse e le ya bohlokwa. Kgetha methapo ya metso e loketseng mofuta o kgethehileng wa mobu.

©Louise Brodie
Hangata mahlomela a hlahlobiswa hantle Afrika Borwa ditseleng tse fapa-fapaneng tsa temo le dihlahong tsa kgwebo. Sena se entse hore ho sebediswe mahlomela a amohelehang ho phylloxera le nematodes, tse kang 99 Richter, 110 Richter, 101-14 Mgt, 140 Ruggeri le 1103 Paulsen, hammoho le Ramsey bakeng sa mobu o tletseng lehlabathe le tlhahiso ya bongata. Empa moo mobu o silafaditsweng ke Phytophthora cinnamomi e nang le tlhokomelo e ngata 99 Richter e tlameha ho qojwa.
Ho tseba ka metswako ya mefuta wa mobu o lokelang ho nkwa e le motswako o boetse o susumetsa matla a serapa sa morara. Moo ho lokelang ho hlahiswa morara o moholo, hoa utlwahala ho sebedisa mahlomela a Ramsey le US 8/7. Bakeng sa dimela tse nang le dihlahiswa tse tlaase le boleng bo phahameng, 99 Richter, 110 Richter le 101-14 Mgt e ka nkwa.
Dihlahiswa feela tse nang le boitsebiso bo botle di lokela ho rekwa mme di lokela ho laelwa ho dihlopha tsa morara tse nang le botumo bo botle le tse ngodisitsweng hantle dikgwedi tse 14 ho isa ho tse 18 pele di lemuwa.

Translated by Bongani Matabane