Dikokonyana tse senyang merara: Margarodes

© Dr Andre de Klerk Wineland
Margarode infestation can be recognised by curling leaves.
Kokonyana e lekoko ka hodimo le hlaselang metso ya sefate, hangata e 40-60 cm ka botebo. Kokonyana ena, e tsebahala ka “perela tsa lefatshe”, e ka bonwa mobung ho tlowa kgweding ya Tshitwe hoy a Motsheanong mme ajwa mobung ka temo le metsi. Letshwao la pele la tshwaetso ya margarode ke kgolo e tlaase, ha ngata e fumanwa e le matheba tshimong ya difate. Letlobo la difate le eba lekgutswane le hoba tshesane ka makgasi a manyane a ikharilrng hoy a fatshe. Le ha hole jwalo ha hona letshwao le bonahalang la tshilafalo la margarode.
©Dr Andre de Klerk Wineland
Size difference of encysted larvae of two margarode species
Mefuta e fapaneng e leshome e fumanwa Afrika Borwa, empa ke e mehlano feela e ka etsang kgolo ya ekonomi bakeng sa tshimo ya difate. Nomoro e kgolo ya dimela, haholo jwang, e senyehile. Ka kgolo ya tshimo e ntjha e ikgethang ho bohlokwa ho tseba hore ke sejalo sefe se sebetsang e le tshwaro ya tlhaho ya margarode. Tshilafalo ya tlhaho e kgonehang e ka thibelwa. Sefate sa caramel (Acacia erioloba), e fumaneha ka bongata orange River le Mpumalanga, mme haufinyana e ho fumanehile hore semela sa tshwaro sa tlhaho sa e meng ya mefuta ya margarode. Mofuta o mong wa tlhaho wa tshwaro Afrika Borwa ha o tsejwe.

Ha hona boingodiso ba taolo ya dikhemikhale ya margarode e fumanehang ha jwale, empa ho kgothaletswa hore mabidi a terekere le disebediswa tse ding di hlwekiswe ha di tloswa tshimong e silafetseng ho ya ho tse senang tshwaetso.

Translated By Sibongile Sonopo