Albertina Sisulu O sebeleditse tokoloho ya Afrika Borwa

O nyetswe ke dipolotiki

©Eric Miller
Ho sebetsa bakeng sa Afrika Borwa e lokolohileng. Albertina o ne a sa kena dipolotiking ho fihlela a kopana le Walter ka 1941.
Le ka nako eo, o ne a ya dikopanong feela ho mo tshehetsa.
Ha ba nyanalana mopresidente wa mehleng Nelson Mandela oile a mo jwatsa hore, “Albertina o nyetswe ke monna, Walter o nyetse polotiki pele a nyala wena”.
Ka mora hore ba nyalane o ile a kena ka sekgahla dipolotiking.
O ile a kena ho African National Congress (ANC) women’d league mme o ile a nka karolo hape le ho ha ho thakgolwa freedom charter ka sona selemo seo.
Ka 1954 o ile yaba setho se ka sehlohong sa Federation of South Afrika women (FEDSAW), o ile yaba mopresidente wa Transvaal ka 1963 mme qetellong yaba mopresidente wa naha.
Ntlo ya Sisulu e ile yaba seboka se bohareng sa dikopano tsa ho ba mmoho tse bopileng ANC.

Dilemo tsa boima

Ka 1952 mokga wa kganyetso, ka tshebedisano mmoho ya ANC, South African Indian Congress le South African Communist Party. Mmuso wa kgethollo o ile wa arabela ho sena ka Suppression of Communism Act, moo ho ileng ha tshwarwa batho ba 20ho kenyeletsa monna wa Albertina, Walter.
Ka mora dilemo tse seng kae Walter o ile a tshwarwa hangata mme Albertina o ne a sala a sotleha a sotlwa ke maponesa ka ho kena ANC Women’s League le FEDSAW. O ile a re ha Walter a tshwara:
“dilemo tsena tsohle ha nka ka kaba le bophelo bo lokolohileng. Hobane ho tlowa ka 1958 ha ke tshwarwa, e ne e be qalo ya bophelo ke tswa ke kena teronkong. Ka dilemo tse 58 ke ile ka tshwarwa, ka 63 ke ile ka tshwarwa le mora waka ya dilemo tse 17. Re ne re tshwerwe ka lebaka la Suppression of Communist Act, e leng ho bolelang matsatsi a 90 pele ho teko. Ka hoo re ile ra ya tjhankaneng, mme re ile ra qeta matsatsi a 90 mme ra lokollwa, ka mora moo ra hlekefetswa ke maponesa.
Ke ile ka ikutlwa hore ke lokela ho tsamaya ka hare ho naha. Ke ile ka tsamaya naheng ke le 63. Ha kele 64, ka mora ho ahlolwa ha Walter bophelo bohle, mme ke ile a thibelwa dilemo tsa dilemo tse 5. Molao oo wa ho thibelwa e bolela hore nkeke ka ya dikopanong. Ke ne ke sena ho ya haufi le setsi sa thuto, ke ne ke sena ho ya haufi le lekgotla la dinyewe. Empa ka mora dilemo tse 5 ke ile ka fuwa dilemo tse ding tse 10 ka ho tshwarwa lapeng. Eo e ne e le e bohloko ka ho fitisisa. Jwalo ke mong ka monna ya tjhankaneng”.

Boipelaetso ba molao o hlokang toka wa dipasa

Le ha Albertina a ile a kenella dipolotiking ka lebaka la molekane wa hae, o ile a tswela pele ka mosebetsi wa hae wa ho ntsha Afrika Borwa kgethollong ha a ntse a le tjhankaneng.
Ka 1953 mmuso etsa thuto ya Bantu Education Act. Sena se bolela thuto e tlaase ya bana ba batsho ba MaAfrika Borwa. Albertina Sisulu le maloko a mang a ANC Women’s league le FEDSAW ba ne ba sa thaba ho hang. Ba ile ba rala mohwanto o yang Union Building ho ba kgahlano le ketso ena.
Ha ba ema kgahlano le thuto ya Bantu, ba ile ba tlosa bana ba bona dikolong tsa mmuso mme ba bula dikolo malapeng a bona moo ba neng ba tshepa hore ba tlafa bana ba bona thuto e nepahetseng. Teko ena e ile ya se atlehe ho hang. Ka 1976 baithuti ba ile ba etsa merusu e kgahlano le thuto ya Bantu. Merusu ena e ile ya hohela batjha ba bangata bakeng sa Umkhondo we Sizwe mme Albertina o ile a etsa moralo wa hore ba iswe kwetlisong dinaheng tse kantle.
Ka di 9 tsa Phato 1956 Albertina Sisulu o ile kena ho basadi ba fetang 20 000 ba lwantshang tokoloho jwalo ka bo Helen Joseph le Sophia Wlliams-De Bruyn mohwantong o yang Union Building Pretoria ho lwantsha molao wa dipasa.
E ne e le mooki ka nako eo mme molao o ne o beile hore ebang a ka ahlolwa o tla ntshwa rolong ya booki. Sena ha se ya ka sa etsa hore a nyahame mosebetsing wa hae, le he ene e le yena ya fepang lelapa mme ho lahlehelwa ke mosebetsi ho bolela hore a keke a kgona ho ba fepa hape.
Yena le ba bang ba 20 000 ba ile ba tshwarwa ka tsatsi leo mme qeta dibeke tse 3 tjhankaneng pele ba ahlolwa ebile ba tsa. Nelson Mandela e ne ele moemedi wa bona. Albertina ha a ka ntshuwa rolong ya baoki mme o ile a tswela pele ho hlokomela lelapa la hae. Kajeno, ka 9 tsa Phato re keteka letsatsi la basadi Afrika Borwa.

O ile a hlekefetswa ke maponesa

Albertina o ile a tshwarwa hape ka 1963 ha ba tshwereng matla Afrika Borwa ba ne ba sa kgone ho fumana molekane wa hae Walter ka mora hore a kgukgune ha a qeta ho ntshwa ka beili ya qoso e ntseng e eme ya dilemo tse tsheletseng. Sena se ile a moetsa hore e be mosadi wa pele ya ileng a tshwarwa ka tlasa General Law Amendment Act.
Pele o ile a kwallwa a le mong bakeng sa dikgwedi tse pedi, mme a bolokwa ka tlasa tshwaro ya lapeng hofihlela shwalene le meso mme a thibelwa. Walter o ile a tshwarwa ha a ntse a kwalletswe a le mong mme a ahlolelwa bophelo bohle ba hae tjhankaneng ka rala ketso diya mmuso mme iswa Robben Island.
Ka mora ho moo Albertina o ne a dula a hloriswa kamehla mme matla a hae a dipolotiki a ile a etsa hore a dule a kena a tswa tjhankaneng mme ya qetella a a fumana molao wa thibelo. Taelo ya thibelo e bolela hore a keke a ya dikopanong kapa a tswa ka setereke. Albertina o hlalosa hore ho jwang ho hlekefetswa ke maponesa:
“Maponesa a ne a tla kokota ka dinako tse sa lebellwang, ka hora ya pele. Ka nako e nngwe re ne re sa tsebe hore ba tletse eng. Ba o jwetsa feela hore ke kakaretso ya ketelo, e le ho le hlekefetsa feela. Wa tseba, ha ba kokota, ba kokota monyako le fesetere tsohle. Ha o bula monyako ntlo e potapotilwe ke maponesa, ba batla o bule. Eo e ne ele tlhekefetso.”
Leleloko la Sisulu le ne le sa lokoloha dipolotiking. Nkuli, wa o fela, o ne a tshwarwe merusung ya baithuti a tshwarwa a ba otlwa ke maponesa. Lindiwe, moradi wa matsibolo, o ile a tshwarwa John Vorster square ka ho kena ho Black Consciousness Movement (BCM).
Mora wa bona, Zwelakhe, o ile a bewa molaong wa thibelo oo o ileng wa senya mosebetsi wa hae wa ho tloba moqolotsi. Sena se ile sa fana ka boima bo boholo ho Albertina a ile a ba le kgatello e hodimo ya maikutlo ha qobellwa ho bona tshotleho ya bana ba hae.

Theo botjha ya ponahalo ya polotiki

Ka 1981 molao wa thibelo wa Albertina o ile phahamiswa mme a seke a kgutlisetswa. O ile thibelwa bakeng sa dilemo tse 18, e leng e telele ka ho fitisisa a thibetswe Afrika Borwa ho fihlella ka nako eo. Ka ho phahamiswa ha ho thibelwa ha hae, o ile a nna a sebetsa le FEDSAW jwalo ka mopresidente mmoho wa United Democratic Front (UDF). Empa, ka 1983 o ile a tshwarwa hape ka ho ntshetsa pele ANC phupung ya motswalle, a qeta dikgwedi tse 7 a kwalletswe a le mong pele a etsa teko.
O ile a fumana kahlolo ya dilemotse 4, empa o ile a ntshwa ka boipeletso emetsweng. Dilemo tse pedi ka morao o ile a tshwarwa hape a ahlolwa ka ho leka ho diya mmuso. Nakong ena o ile a lokollwa holatela mohwanto o moholo le ka ho tsokotseha ha maikutlo a dinaha tsa matjhaba kgahlano le kgethollo.
Ka 1989 molekane wa hae, Walter o ile a lokollwa tjhankaneng. Selemong sona seo ANC e ile ya thibelwa mme Albertina le Walter ba ile ba sebaetsa ka thata ho itheha botjha ponahalong ya sepolotiki.
Walter o ile a kgethwa hoba mopresidente e motjha wa ANC mme Albertina a kgethwa hoba motlatsa mopresidente wa ANC Women’s league. O ile a tsamaya ho lo kopana le mopresidente wa USA GW Bush le Jimmy Charte le tonakgolo ya UK Margaret Thatcher, a lo hlalosa maemo a bohloko ao MaAfrika Borwa a matsho a kopanang le ona le ho ba kgothaletsa thibelo ya mmuso wa kgethollo.

Translated by Sibongile Sonopo