Thekiso ya Dikgoho

© Chris Daly

Pele o qala kgwebo ya dikgoho, o hloka ho nahana ka hore ke eng le hore ke kae moo o tlo rekisang sehlahiswa sa hao. O ka kgetha ho tsepamisa maikutlo ho tlhahiso ya mahe, tlhahiso ya nama, tswalo ya dinonyana, ho qhotsisa mahe kapa kaofela e bang o ruwa ka tsela ya kopanelo ya dinonyana.

Hopola hore le ha hole jwalo se seng le se seng sa dibaka tsena di ya ikgetha haholo, jwale ho ka etsa moelelo ebang o tsepamisa maikutlo ho e le nngwe ya tsona ebang o batla ho hola.

Pele o reka dinonyana tsa hao kapa disebediswa, o lokela ho hlwaya seo o se shebileng thekisong, seo thekiso e se batlang, o ikemiseditse ho lefa bo kae le hore o tlosebedisa bokae ho hlahisa sehlahiswa seo. Ho kaba molemo e bang o ka kgona ho sireletsa thekiso pele o qala ho hlahisa.

Thekiso ya Ditsuonyana

©Chris Daly

Nonyana e hlahisitsweng bakeng sa thekiso ya nama e bitswa tsuonyane. Thekiso e reruweng e lokiseditswe ho nka nonyana ya boima ba 1,8 km, ha thekiso ya dijo tse potlakileng di batla nonyana e kang e nyane.

Thekiso ya Europe le America e batla dinonyana tse kgolo ho feta Afrika Borwa hobane ba ja feela nama ya difuba tsa kgoho le mapheo. Kgoho kaofela, jwalo ka dirope le menoto di nkuwa e le ditlamorao tsa tlhahiso le diya ntle. Thekiso e sa rerwang Afrika Borwa e ka rata dinonyana tse kgolo mme e nale dikgetho tsa dikgoho tse itseng.

Tlhaho ya dikgoho tse ding le tlhahiso ya mahe le tsona di etsa tjhelete ya thekiso ho reka dikgoho tse tshehadi, tseo e leng dikgoho tse tshehadi tse hodileng tse qetileng ho behela le tlhahahiso. Batswadisi ba rekisitseng kgoho di bitswa dikgoho tsa Cornish kapa majwe makeisheneng. Dikgoho tsa patetsweng di kgolo, di tsofetse mme nama ya tsona e thata ho feta nama ya dinonyana tse rekisitsweng e le ditsuonyana.

Thekiso ya Melao Tsamaiso

Ditlhokeho tse ding tse lokelang ho elwa hloko. Dinonyana di lokelwa ho hodiswa jwalo ka batho mme di bolokehe bakeng sa ho di ja, seo ha sena puisano thekisong e fe kapa e fe. Bahlahisi ba batlang ho rekisetsa thekiso e reruweng ka kakaretso di lokela ho ikamahanya le tshireletso ya maemo a dijo le maemo a tlhahiso ho feta ha ba rekisetsa thekiso e sa rerwang, maemo ana a tla fapana ho ya ka barekisi.

Maemo a ho rekisa dinonyana a mefuta e lokolohileng e tla fapanan ho ka barekisi mme a tla phahama e bang o batla ho rekisa dinonyana ka mofuta o lokolohileng wa manyolo, sena se tlaba tshusumetso ho mofuta wa phepo le meriana e ho fanwang ka yona dinonyaneng. (Bala haholwanyane ka tlhahiso ya mefuta e lokolohileng).

Dilemo tsa ho Bolaya

©Chris Daly

Potso e nngwe e bohlokwa hore e elwe hloko ke dilemo tseo nonyana e tlo rekiswa ka tsona. O hloka ho bala ditshenyehelo tsa ha ontse o bolokile nonyana ka letsatsi mme hlwaya ntlha moo dinonyana di lokelwang ho rekiswa ho thibela ho ja tswala ya hao.

Sena setlaba bohlokwa haholo tsamaisong moo dininyana di hlahiswang ka tlhahiso ya tsamaiso ya matla moo ba fumanang theko e hodimo ho phahamisa kgolo ya bona ho feta tsamaisong eo nonyana e di tlohelwang ho fula le ho iphepa ka bo tsona. Kgefutso e supa tlhahiso ya tsamaiso ya matla so hangata e e dulang ka kae dipakeng tsa matsatsi 32 ledibake tse 6.

Ho Kenya Boleng

Dinonyana di tla rekiswa di phela kapa di shwele? E meng ya menyetla ya ho rekisa di shwele ke thekiso e sa rerwang, e leng e dumellang bo rapolasi ho hatsetsa thepa ho hola ka nako eo ho nang le tlhokeho e tlase ya nama. E ka ba dumell hape le ho kenya boleng nameng ka ho rekisa dikarolo tsa nama. Ditlamorao tsa ho hatsetsa namake hore motlakase wa hao o tla ya hodimo ka ditjeho, le ho batla sehatsetsi se theko e hodimo, disebediswa tsa ho boloya mmoho le sebaka se seholo. Ka hodima moo, bo rapolasi ba dumelletswe ho bolaya dinonyana ka disebediswa tsa bona, empa ba se rekisi ntle le ha ho bolaya ho dumelletswe ke ntlo ya polawo, ho ya ka Meat Safety Act. Bo rapolasi ba bang hlola phepetso ena ka fa bareki ba bona sebaka sa ho bolaya dibakeng tsa bona, ha ba bang ba hula mehlodi qala ntlo ya boana ya polawo le mehaho ya tlahaiso ya nama.

Matshwao a Kgwebo

©Chris Daly
Potso e nngwe ke hore na o tla sebedisi matshwao a kgwebo ho etsa hore kgwebo yahao e hlahelle hdihlahisweng tse ding. Sena se ka nna sa be bohlokwa ha o qal, empa eka thusa ho o kgetholla ho bahlodisani ba hao ha o se o theile.

Translated by Sebongile Sonopo