Setso sa Sebaka sa Mapungubwe

Qhobosheane e Tsotehang ya Leralla la Tlhaho

©Roger de la Harpe

Qhobosheane ena e tsotehang ya leralla la tlhaho, e tsosolositsweng dikarolong tse nang le majwe a omileng, ke sebaka se sa tlwaelehang sa mmuso o tsejwang Afrika Borwa.

Mapungubwe e ile ya atleha e le mmuso wa bohlokwa wa kgwebo ha ho ne ho kopana le dinoka tsa Limpopo Shashe (moo Afrika Borwa, Botswana le Zimbabwe di kopanang teng) ho tloha ka 1220 ho ya ho 1290, empa e fumanwe feela dilemong tsa bo 1930.

Mesebetsi ya matshoho ya kgauta e epuweng ho Mapungubwe, e etsang karolo ya mobu wa naha, jwale e nkwa e le lefa le phahameng ka ho fetisisa la Mehleng ya Tshepe Afrika Borwa.

Mapungubwe

©Roger de la Harpe

Le hoja mesebetsi ya matsoho ya Mapungubwe, tshukudu ya kgauta, lere la borena le sekotlolo, di bontshitswe Univesithing ya Pretoria, o ntse o ka etela dibaka tse fapa-fapaneng tsa ditsebi tsa kgale tsa Serapa sa Sechaba sa Mapungubwe - haufinyane e tla ba karolo ya Limpopo-Shashe Transfrontier Park.

UNESCO e ne e nka sebaka sena e le sa 'bohlokwa bo ikgethang ba bokahohle'. Ho thahasella ka ho kgetheha ke leralleng la lejwe la lehlabathe le fang sebaka sena lebitso la sona, ​​mme mohlomong e le motse-moholo wa mmuso wa kgwebo o ileng wa atleha dilemong tse 1000 tse fetileng.

Setsi sa Tlhaloso sa Mapungubwe

©Roger de la Harpe

Moketeng wa World Architecture Festival o ileng wa ba Barcelona ka Pudungwana 2009, Setsi sa Tlhaloso sa Mapungubwe e Limpopo, e entsweng ke feme e Johannesburg e bitswang Peter Rich Architects, se ile sa phatlalatswa e le 'mohaho wa lefatshe wa selemo'.

E bonahala e le ntho e entsweng pakeng tsa kolone e kgolo ya dichaba le Gaudi ha a ne a koptjwa ho etsa mohaho o dumellanang le Serapa sa Sechaba sa Mapungubwe le setso sa boholo-holo sa kgwebo seo e se kenyelletsang ho tswa ho sepheo sa yona se buduletsweng sa marulelo le seretse sa oona se kang se ka ntle ho dirapa tsa letsopa tse entsweng sebakeng sa batho ba neng ba sa sebetse, ena ke mokgwa wa mehaho ya tlhaho e se kang ya bonwa naheng ena ho tloha ka nakong ya Cape Dutch.

Translated by Bongani Matabane