Violet-backed Starling
Ponahalo
Ka boima ba 45g, le masiba a tlang ka mefuta e mebedi ho tse tona le tse tshehadi. Tse tona karolo ya tsona e ka hodimo ha mmele, ho akarelletsa le seledu, mmetso le mapheo di mookodi o pherese. Karolo ya tsona e ka fatshe ho mmele e mmala o bosweu bo hlwekileng. Mmala o wa fapana ho tloha ho lefifi ho isa ho o rosy ho itshetlehile ka leseli. Molomo le maoto a ya e tona a mantsho, mahlo a yona a na le mmala o mosehla ka ntle ho pota setsi se sootho ka mmala. E tshehadi e hloka masiba a na a mookodi. Phatla le molala le mahlakoreng a hlooho a sootho ka masiba a nang le bofifi bohareng. Seaparo sa ka hodimo, marao, mapheo le mohatla wa e tshehali o sootho bo lefifi le mahlakore a pudufetseng ka mmala. Masiba a ka sehloohong a mmla o bokgubedu bo sootho bo raraneng ka hare. Karolo ya tsona e ka fatshe ho mmele ho tse tshehadi e mmala o mosweu le bofifi mahareng, a pharalletseng ka sefuba. Molomo le maoto a ya e tshehadi a matsho, mahlo a yona a na le mmala o mosehla ka ntle ho pota setsi se sootho ka mmala.
Dijo
Lehodi la mmala o pherese le ja ditholwana. Di boela di ifepa ka dikokonyana tseo e di nkang makaleng theohileng fatshe kapa tseo e dinkang ha e fofa, ho akarelletsa le bohlwa bo nang le mapheo.
Ho ikatisa
Di ikatisa le e le nngwe feela. Di ikatisa ka nako ho tswa ho Mphalane ho ya ho Pherekgong ka Zimbabwe le Afrika Borwa le Mphalane hoya ho Hlakola ka Botswana. Tse tona le tse tsehadi nka makgasi a matala le thepa engwe ho haha sehlaha. Dihlaha di atisa ho hahwa ka lesoba la sefate, dimithara tse 2 ho isa ho tse 6 ka hodima lefatshe. Dihlaha hape di hahwa ka hodimo ha sekoti sa dipalo tsa terata. Bolokwe bo sebediswa e le setsi sa sehlaha, e ka nna ya theha e le karolo ya sethaleng le ka lesoba le tebileng. Mahe a mabedi ho isa ho a mane a atisa ho behelwa. Mahe a na le mmala o bo putswa bo ho pudufala le matheba a bo sootho bo bokgubedu le botenya ka qetellong leheng. Ho fuama ho e etswa ke e tshehadi feela ka nako e itseng matsatsi a 12 ho ya ho 14.
Boitshwaro
Kakaretso le fumanwa ka mehlape e menyane, ka dinako tse ding a arotswe ka ho kopanela diphate. Ha se ha ngata di thehang dikopano tse kgolo kapa di robala ka bongata. Di atisa ho fumanwa ka bobeli kapa dihlopha tsa lelapa ha di ikatisa. Di qeta nako e nyane di le fatshe ho fapana le mahodi a mang a benyang.
Bodulo
Tikoloho ya ona ke lesabasaba morung le meru e dinokeng. Di latela dipotoloho tsa ditholwana tsa difate.
Moo difumanwang teng
Lehodi la mmala o pherese le fumanwa Namibia, Botswana, Zimbabwe, Mozambique le Afrika Borwa.
Latin Name
Cinnyricinclus leucogaster