Molao wa Boitshwara wa Mpumalanga

Molao wa leboyho wa Mpumalanga o nale motheo o motala ka lepejo la Selatini – OMNIA LABOUR VINCIT – e ho hlalosang “Mosebetsi o hlola tsohla”. 

Ka hodimo ho motheo ke setshireletso e nale setshwantsho sa palesa ho yona. Setshireletso se tsheheditswe ke dikudu tse pedi, ka lehlakoreng ka leng. Setshireletso se nale korone ka hodimo. Hona ho bolela hore profinsi ena ke ya bobedi boemomg ba mmuso. Korone e nale mahlasedi a mararo, e leng ho bolelang letsatsi le phahamang le tlhoro tsa Mpumalanga Drakensberg.

Letshwao la Phoofolo - Kudu (Tragelaphus strepsiceros)

Kudu ke setsumi, e ja makala a fapaneng ho tswa difateng le dihlahleng. Kudu e rata ho dula dibakeng tsa lebaleng le ommeng, merung ya mapane le Miombo le merung ya meutlwa ya dikotola ya Kruger National Park. Kudu ke matsa a mohlape, le ha hole jwalo, mohlape o rata ho arohana ka dihlotshwana tse pedi.

Tse nyane tse tshehadi di saa le bo mme ba tsona, ha tse tona di se di tlolela ka dilemo tse pedi ho tswa sehloheng. Ka tlwaelo ka kakaretso ho etsahala Mmesa ho ya Motsheanong, moo dikudu tse tona di kenellang ho mohlape wa tse tshehadi. Ha hona sebaka sa tshimo bakeng sa dipoho, empa di nale mokgwa wa boholo ba dikgerade wa tatellano o tlwaelehileng.

Boimana bo nka dikgwedi tse 7.5, ka dinamane tseo ka kakaretso di hlahang dikgwedi ya hlabula. Manamane a sireletswa dibeke tse 4 – 6 kgahlano le dira, ha bo mma tsona ba ntse ba tsoma. Bo mme ba kgutlela manamaneng feela ho a oka.

©Roger de la Harpe

Letshwao la Palesa - Barberton Daisy (Gerbera jamesonii)

©Jacques Marais
Barberton daisy ke ya selehae Afrika Borwa, ke palesa bonahalang e holang hara dipalesa tse hlahelletseng ka makgasi a phatsimang. Palesa e hola ka hara dihlahla tse pinki, tse mmala wa lamunu, tse tshehla, tse tshweu le tse kgubedu le ho batlwa ka morao ho tleloupu e mmala o babatsehang. Hantle ntle, Barberton daisy e nkuwa e le enngwe ya dipalesa tse kotulwang haholo lefatsheng bakeng sa tukisetso ya dipalesa.

Translated by Sebongile Sonopo