Mefuta ya Guava Afrika Borwa

©Louise Brodie

Guava ke sefate kapa sehlahla, seo ka kakaretso se holang butle. Difate tse lenngweng hangata di a faolwa hore di be bophahamo ba 2 ho ya ho 3 m, empa ebang di sa faolwe, mefuta e meng e ka hola ho ba 8 m. Difate di beha ditholwana ho tloha selemong sa bobedi kamora ho lengwa mme di behe jwalo ho fihla dilemong tse 40. Difate di thunya ka nako ya Selemo mme jwalokaha dinotshi e le tsona tse tsamaisang peo boholo ba nako,  dipalesa di ntse di itsamaisetsa peo ka botsona.

Difate tse hodileng tsa boholo ba mefuta e teng di kgona ho mamella serame mme di ka kgona ho phonyoha ho theoha ha dithemphereitjhara ho fihla ho -4˚C empa themphereitjhara tse ka tlasa ntlha ya kgwamo di ka bolaya kapa ho senya difate tse nyane hampe. Motjheso o hodimo haholo ka nako ya ho thunya ha dipalesa le ho beha ditholwana ho ka ba kotsi semeleng.   

Ditholwana tsa guava di tjhitja kapa motopo mme, ho ya ka mofuta wa tholwana, di bophara ba 6 ho ya ho 12 cm. Tholwana e na le letlalo le jewang, leo hangata le leng mahwashe. Ha tholwana e ntse e butswa, letlalo le tla fetoha mmala ho tloha ho o motala ho ya ho o bosehla bo botala kapa bopinki bo bosehla. Bokahare ba tholwana bo bopinki bo tebileng (guava e kgubedu) kapa bosweu bo sa hlakang (guava tse tshweu) mme bohare ba tholwana bo na le dipeo tse nyane, tse ngata ebile di le thata.

Palo le boholo ba dipeo di fapana ho ya ka mefuta ya tholwana. Tholwana ya guava e na le monko o ikgethang, o matla, wa ‘musk’.

Boleng ba Phepo

Di-guava ke mohlodi o motle wa di-vitamin A,B le C hammoho le tshepe (iron). Di na le boleng bo phahameng haholo, 257% ya ditlhoko tsa letsatsi le letsatsi (Daily Value), ya Vitamin C, e leng hodimo ho feta ya pawpaw le ditholwana tsa citrus. Vitamin C e ho guava e dula e tsitsitse le ha tholwana e ka kwallwa lekotikoting kapa ya omiswa. Di-guava tse ntseng di felletse, tse ntjha ke mohlodi o motle haholo wa B-carotene le iron (tshepe) le mohlodi wa palo-hare ya calcium le potassium. Hape ke mohlodi o motle wa fibre ebile di na le folic acid e lekaneng feela.

Mefuta

Indasteri ya guava ya Afrika Borwa e itshetlehile haholoholo mofuteng wa semela o bitswang Fan Retief, se rehelletsweng mothehi wa indasteri ena. Mofuta ona o na le bokahare bo mmala o pinki ba tlhapi ya salmon o hlakileng, mme o hlaha ho di-guava tsa pele, tse tlisitsweng Cape ho kgaoletsa Madeira, ke bajaki ba Dutch mongwahakgolong wa boleshome le metso e supileng. Mofuta ona o pinki wa Fan Retief o etsa 90% ya masimo a kgwebo. Mmala o pinki ba tlhapi ya salmon wa mofuta wa guava ya Fan Retief o ratwa haholo ke bahlahisi ba lero la ditholwana ba matjhabeng.    

Ka 1994, Institute for Tropical and Subtropical Crops (ITSC) ya Agricultural Research Council (ARC) e ile ya phatlalatsa TSG2 e ntlafaditsweng. Mofuta ona o sa hlaselweng ke mafu habonolo o na le dipeo tse mmalwa mme o moholo ho feta tholwana ya Fan Retief. Le ha ho le jwalo, ha e ka ba ya thabelwa haholo Western Cape, ka lebaka la tjhai e ntle e bileng teng ka lebaka la mofuta wa Fan Retief.

Nako ya Selemo

Di-guava di kotulwa dikgweding tsa mariha mme Afrika Borwa, kotulo e qala ka Motsheanong ho fihlela Lwetse kapa Mphalane.

Translated by Maletsatsi Sejake