Lion
Tau

© Peter Delaney

Lebitso

Tau [Panthera leo]

Ponahalo

Tau e tona e bo telele bo 1.2m ka mahetla mme e na le boima ba ho fihlela ho le fetang la 200 Kg. E tsehadi hanyenyane nyenyane le boima ba 130 Kg. Botlase ba tsona bo bosweunyana bo tshwaretsweng ho ya lehlabathe. Dirote le matheba ke ditshwaneleho tsa diphoofolo tse nyenyane le tse tshehadi di atisa ho boloka tsena ho botlase ba tsona. Ke tse tona feela tse naleng moetse o motelele ka mahlakoreng a sefahleho le ka hodima hlooho. Ho tse ding moetse ena e ka ba ntso.

Dijo

Di tau haholo di tshwasa diphoofolo tse kgolo tse kang Qwaha, Wildebeest, Nare, Gemsbok le Giraffe. Di tshwasa diphoofolo tse nyenyane jwalo ka Impala, Steenbok le Porcupine ha monyetla o hlaha. Mosebetsi wa ho tsoma o atisa tse tsehadi ka boikhohomoso, e beng di tsoma e le sehlopa.

Ho ikatisa

Di Tau di ikatisa ka dinako tse itseng, empa tse tshehadi tsona hangata di na le tswalo e bo nyalanya. Ka morao ha nako e emara matsatsi a 110, e bana le ledinyane le leleng ho isa madinyane a mane ka tswalo. Madinyane a qala ho ja nama ka morao ha dibeke tse leshome. Tse tsehadi di anyesa madinyane a tsona le a e mong hofihlela dikgwedi tse tsheletseng. Ka morao ha tswalo, madinyane a patiwa dibeke tse tsheletseng ka morao ha moo bomme ba tlisa madinyane ana ho creche ya leloko. Tsenyenyane di dula di’tshetlehile ka katleho tlhophiso ya motlotlo ka dilemo tsa ho fihlela ho tse tharo.

Boitshwaro

Maloko a bopilwe ka tau tse pedi ho isa ho tse 12 tse tshehadi tse amanang le madinyane a tsona, le tse tona ka sehloohong. Tse tona di kanna tsa theha dilekane le tse pedi ho isa ho tse tsheletseng, le kaofela tshware botsitso hodima malako. Modumo o lerata wa Tau ke modumo oo o tsotehang le mohlomong ke modumo o amanang le tse hlaha tsa Afrika. Ntle le e purumang, hape ditau di buisana ke monko ho tshwaya tikoloho ya tsona, le dipolelwana tsa sefahleho le mmele. Ditau di bontsha mabifi a tsona ka ho bontsha meno a tsona a tsotehang, ho furulla ditsebe tsa tsona le ho bontsha setsiba lefifi ka morao ha ditsebe, mehatla ya tsona e ya senya ka ho teneha.

Moo difumanwang teng

Ka borwa ho Sahara Afrika ke setshabelo sa ho qetela sa diphoofolo tsena le Africa Borwa e fana ka menyetla e molemohadi ya ho bona ditau moo di phelang ka tlhaho.