Dipale tsa bo nkgono – ho lahlehelwa ke baratuwa ba hao ke HIV/Aids

© Eric Miller
Goldie Qayiya le monna wa hae Otto, ho tswa Khayelitsha, ba ne ba sa utlwisisi hantle ka kokwanahloko ya HIV. E nkile bophelo ba bana ba bona ba babedi, Thumela le Vusi, kamora mora e mong. Ho nkile e telele, empa Goldie qetellong a fumana tsela ya ho sebetsana le bohloko ba hae. Pale e nngwe ke ena.

Ke ne hirilwa jwalo ka mohlwekisi ke batho ba tshwereng Blouberg Homes, ke batho fanang ka tshebeletso tse hirisang matlo Bloubergstrand. Ke sebeditse dilemo tse hlano moo, ke ntse ke dula ntlong ya rona Khayelitsha, ha molekane waka a ntse a hlokometse ntlo ya rona e Transkei.

Thumela o ne hlola a nthusa matlong a Blouberg, o ne a sebetsa ka thata. Ha mofumahadi a ne a re, ‘Hlwekisa hohle o be oe tereke mealo yohle,’ re ne re tla qeta dihora pele ho nako, le ha e kaba re hlwekisa ntlo e kgolo ha kakang. Thumeka o ne asatshabe ho sebetsa ka thata.

Ka Phupjane 2000, ha a ne a le 30, re ile ra ya sepetlele mmoho hobane o ne ase a qala ho kula, mme o ile a etsa diteko tsa HIV. Re ne ntse re sa utlwisisi hore e tshwaetsa jwang motho. Re ile ra ithuta ka yona ha nako e ntse e tsamaya, hobane diteko di ile tsa bontsha Thumeka le yena a ena le HIV.

Ka mora dilemo tse pedi ho fumanehile hore o nale HIV, o ile a qala ho kula haholo. Ha a fihla boemong ba bone, o ne a se a otile a sena matla ho ne ho hlakile hore o a hlokahala. Ho nkile feela kgwedi a kula haholo mme a hlokahala. Ke ne ke mo hlapisa, ke mofa meriana ebile ke mo jesa, hobane o ne a sena matla le a ho phahamisa kgaba. Ke ntho e boima haholo ho hlokomela ngwana wa hao ya shwang.

Ha dintho di ba mpe haholo, re ile ra mo isa sepetlele sa Groote Schuur, ha ngaka a re o tlo hlokahala haufinyana, ba ile ba mo isa sepetlele sa Conradie. O ile a dula dibeke tse pedi mme ka Tlhakubele 2002, o ile a hlokahala.

Ke ne kele teng

Nna le Otto re ne re le Cape Town ha Vusi a kenwa ke serame, mpa e bohloko le hloho e bohloko haholo. Re ile ra mo isa sepetlele sa Groote Schuur, ho tlowa moo sepetlele sa Jooste. Dingaka di ile tsa re tsebisa hore o nale HIV, le ha re ne re sautlwisis hore e bolela eng.

Ngaka ena e ne e dula e re jwetsa ka meriana ya taolo e tlang, e tla thusang Vusi ho iphumana. O ile a fuwa dipilisi tse ding le tsa taolo ya lefu la lefuba, nakonyana o ile a ba le phetoho e kgolo. O ile a ba a kgutlela mosebetsing. Empa ka mora dikgwedi tse tsheletseng o ile a kula hape. Ke ile ka mo hlokomela, ha a hlokahala ke ne ke dutse lehlakoreng la bethe ya hae.

Translated by Sebongile Sonopo