Kgethollo ya Bong Setjhabeng sa Bapedi

Bophahamo ba Banna

©Dr Peter Magubane

Moetlo wa Bapedi o ne o kgetholla ka matla bong ba batho maemong ohle. Sena se amme dikarolwana tsohle tsa bophelo ba bona, ho tloha ho mafito a tlamang diaparo tsa bona moo banna ba sebedisang mafito a menahaneng habedi (reef knot) mme basadi ba sebedisa mafito a pshemohang habonolo (granny knot) - lebollong, boemo ka lapeng le setjhabeng le ho arolelanwa ha mesebetsi. Basadi ba ne ba lema mme banna le bashemane ba shebana le dikgomo. Bophahamo ba banna bo ne bo thatiselletswa letsatsi le letsatsi: mohlala, ka nako ya dijo banna le bashemane ba bolotseng ba ne ba dula mmoho mme ba tsholelwe pele, mme basadi ba ne ba e ja le bana ba bang. 

Ka molao basadi ba ne ba, ebile ba ntse ba nkuwa e le bana mme ba ne ba lokela ho dula ba le tlhokomelong ya banna. Ha basadi ba nyalwa ba ne nka boemo ba monna wa bona. Ka mantswe a mang mosadi ya hlahileng e le mofo o ne a fetoha ho ba wa boreneng ha a nyalwa mme a ba boemong bo phahametseng ba moholwane wa hae e motshehadi, eo jwale ya neng a lokela hore a mo sebeletse, mme yane ya nyetsweng o ne a ke ke a phahamela moholwane wa hae e motona. Lefa le bohlahlami di ne di fetisetswa baneng ba bashemane mme basadi ba dula mahaeng a banna ba bona lenyalong. Hona, ka nako tse ding, e ntse e le ho etsahalang. Le ha ho le jwalo, malapa a mangata, a rata ha baradi ba oona eseng bara, ba ka ba majalefa a masimo le ditsha tsa bodulo, hobane baradi - haholo ba sa tlangwang ke boikarabelo ba lenyalo - ba dumelwa ba tla kgona ho hlokomela batswadi ba bona hantle ho feta kamoo bara ba bona ba ka kgonang kateng.

Moetlo wa Bapedi o ne o feteletse ho feta ditjhaba tse ding ka bophahamo ba banna tabeng ya ho kgetholla bong, e leng ho neng ho baka mekgwa e mebe le boitshwaro bo bobe hodima basadi. Taba e qobelletsweng ya ho etsa ntho tse mpe - boloi ba bosiu bo ne bo amahanngwa le basadi ka ho ikgetha mme bo ne bo fetisetswa ho moradi ke mmê. Athe ha e le boloi ba motshehare bona, bo ne bo rutwa, bo ne bo ka fumanwa ke mang kapa mang, e motona kapa e motshehadi, mme bo ne bo sebediswa ka nako tse itseng ho ntsha motho kotsi.

Translated by Maletsatsi Sejake