Ke Ditsebo dife tse Bonolo tse Hlokehang Bakeng sa Temo?

©Andile Bhala
Ha ho ntse ho lengwa, ha ho hlokahale feela tsebo e boima (mohlala, ho kganna, ho enta, ho nosetsa kapa ho faola imela) empa hape le tsebo e bonolo joawloka ho buisana hantle, boikutlo bo nepahetseng le botshepehi.
Hopola hore ntho e nngwe le e nngwe eo o e etsang e baka maikutlo ho motho e mong. Etsa bonnete ba hore dipolelo tseo di ntle.
Tse ding tsa tsebo e bonolo tse hlokahalang ho ba molemi ba atlehileng.

Ena le Boikutlo bo Nepahetseng

Boikutlo ba hao bo tla o isa bophelong bo fetang bophelo bo bong boo o nang le bona. Boikutlo bo botle bo bolela ho ba mafolofolo le ho sebetsa ka thata. Ikemisetse ho nka mesebetsi e eketsehileng mme o se ke wa ithorisa. Boikutlo bo nepahetseng bo etsa hore e be ntho e ntle bakeng sa batho ba bang ho ba haufi le wena.
O se ke wa ikakasa. Ha o le boemong bo phahameng, mohlomong o se ke wa ba moeta-pele ka lebaka la boemo ba hao. O tla ba moeta-pele haeba batho ba shebahala ho wena. E ba e mong wa sehlopha mme o etelle pele ho tswa sehlopheng. Haeba ba o hlompha mme ba tseba hore wa ba tsotella, ba tla o etella pele ebile ba latela mohlala wa hao.

Bontsha Mekgwa e Metle ya Mosebetsi

Mokgwa wa boitshwaro wa mosebetsi o bolelang? Ke boikutlo ba hao mosebetsing wa hao. E bolela hore o etse mosebetsi wa hao ka hloko. Boloka buka le pene ka mokotleng wa hao ho ngola dintlha le ho ngola dipotso.
Batla menyetla ya ho ithuta le ho etsa ho feta seo se lebeletsweng ho wena. Qetellong ya letsatsi, ha o etse jwalo ho mohiri wa hao, o ntse o etsetsa wena.

Kamehla O Tshepahale

Botshepehi le ho tsheptjwa di amana haufi-ufi, leha ho le jwalo hase ntho e le nngwe. Haeba o dula o tshepahala, mohiri wa hao le batho ba o potolohileng ba tla o tshepa.
E mong le e mong o etsa diphoso, empa tsela eo o sebetsanang ka yona le phoso e ka qetella e le ya bohlokwa ho feta phoso ka boyona. Haeba o entse phoso - e kgolo kapa e nyane - bolella mohiri wa hao. Nka boikarabelo. Mohiri wa hao o tla ananela boikutlo ba hao bo botle le sebete sa hao ho ema ka pela hae mme o re 'maswabi'.

Sebedisa Nako ya Hao

Ha ho lema, ho nka nako ho bohlokwa. Ha e le hantle, leka ho qala mosebetsing letsatsi le leng le le leng ka nako. Ha o tloha ka shwalane, etsa bonnete ba hore tsohle di hlophisitswe. Ka ho etsa sena, o bontsha hore o wa labalabela. Metsotso e seng mekae ha e etse phapang e kgolo ho wena empa e ka nna ya tlohela maikutlo a maholo ho mohiri wa hao. O boetse o ikwetlisa ho nka boikarabelo mme o ka nna wa ipehela boemong ba tsamaiso.
Kamehla o be le nako ya diboka. Ka mohlala, ha o nahana hore ho tla nka metsotso e 30 ho ya moo, tloha metsotso e 45 pele nako ya seboka.
Eba le nomoro ya ho kopana ya motho eo o kopanang le yena mme o ba tsebise ha ho etsahala ntho e ka nnang ya baka ho dieha.

Etsa Mosebetsi o Nepahetseng

Etsa bonnete ba hore o fumana dintlha tse nepahetseng - e ka bolela phapang pakeng tsa ho hloleha le katleho. Haeba o fuwa mosebetsi wa ho etsa, etsa bonnete ba hore o phethehile hantle le ka tsela e nepahetseng.
Ho etsa ntho e nepahetseng ha ho tshwane le ho tsamaisa ka ho tataiswa. Haeba o na le batho ba o sebeletsang, etsa bonnete ba hore ba tseba mosebetsi wa bona le hore oa ba tshepa. Ba dumelle hore ba etse diqeto sebakeng sa bona sa boikarabello.

Eba Thuso

Haeba o bona hore motho o hloka thuso ka mosebetsi, mo thuse. Ha ho tsotellehe hore na mosebetsi ke ofe kapa hore na ke bo mang. Bontsha hore oa tsotella - o ka nna wa hloka thuso ya bona hamorao.
Motho ya kileng a ba le morupelli wa nakong e tlang Lunga Ndwandwa o akaretsa tsebo e bonolo e hlokahalang bakeng sa temo: 'Lerato ke ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa. O tlameha ho rata seo o se etsang. E ama maikutlo a hao le bophelo ba hao bo ba bonolo. Kamehla e ba wa pele mosebetsing le wa ho qetela ho tloha. Sebetsa jwalokaha eka ke kgwebo ya hao hobane haeba o etsa jwalo, ka letsatsi le leng o tla itlhokomela.’

Translated by Bongani Matabane