Ho kgetha dimela bakeng sa makgulo ho kgethollwa ke:
Boemo ba lehodimo le mobu
Boteng ba metsi
Ke diphoofolo kapa motswako ofe wa diphoofolo tse tla fula makgulo ao?
Tshebediso ya makgulo - mohl na makgulo a tla sebedisetswa ho fula feela kapa a tla etswa furu kapa silage?
Ho ya ka lefapha la theknoloji ya furu la Agricultural Research Council (ARC), dimela tsa makgulo tse sebedisetswang furu ke jwang ba mohlomo (Eragrostis curvula) le Eragrostis tef. Bakeng sa silage, poone e sebediswa kgafetsa, le ha ho le jwalo, mmela wa furu o a sebediswa.
Jwang bo ratwang haholo ba lehlabula ke jwang bo boya (Anthephora pubescens), jwang ba Rhodes le jwang bo bosesanyane. Jwang ba mariha bo kenyeletsa cock’s foot, fescue e telele, oats le jwang ba rye bo thusang ka mantle.
Dijo-peo tse letotong la ARC di kenyeletsa dinawa tsa dolichos le stylo (e le tse jalwang lehlabula) le clover e tshweu ,lesere le medics e le dijo-peo tse jalwang mariha. Metswako e ratwang ya dijo-peo le jwang e kgothaletswang ke ARC ke jwang ba rye-clove e tshweu, mmela-cowpea kapa mmela- dinawa tsa dolichos le motswako wa vetch e boya-oats e ntsho-Daikon radish.
Morekisi ofe kapa ofe wa peo a ka kgona ho eletsa ka semela sa makgulo se loketseng sebaka sa heno le mobu wa hao. Kopa keletso.
Dimela tsa makgulo di arotswe ka dihlopha tse pedi: dimela tsa moo ho leng mahareng le makgulo a tropike.
Makgulo a tropike
Makgulo a tropike a jalwa dibakeng tseo ho nang pula ya lehlabula Afrika Borwa, hangata kgweding efe kapa efe ya pula ho tloha ka Mphalane ho ya ka Hlakola. Dimela tsena di a phomola mariha kamora hore di boloke dimatlafatsi tsa tsona metsong ka lehwetla, mme sena se etsa di be malala-a-laotswe bakeng sa ho hola botjha ka selemo.
Semela sa makgulo sa selemo le selemo se ratwang haholo ke teff (Eragrostis tef). Teff, e hlwahlwa bakeng sa tlhahiso ya furu, e holela mefuteng yohle ya mobu mme e ka hlahiswa dibakeng tse ommeng. Bakeng sa ho fulwa, mmela le mabele a pearl le tsona di a ratwa.
Jwang ba nako e telele ba makgulo bo kenyeletsa Smuts finger grass (Digitaria eriantha), Rhodes grass (Chloris gayana), jwang ba mohlomo - Weeping lovegrass (Eragrostis curvula), Paspalum le bo hlabosang ba Guinea (Panicum maximum), ebile bo bitswa jwang bo bosweu ba buffalo. Dikarolo tse ommeng tsa Afrika Borwa, jwang ba blue buffalo bo kenakena habonolo. Dibakeng tse pula e ngata, tse phodileng kapa tse nosetswang, Kikuyu e hola hantle mobung o nonneng.
Dijo-peo tsa tropike tse sebediswang e le dimela tsa makgulo di kenyeletsa mefuta e kang greenleaf desmodium, soybean ya nako e telele, siratro, stylo le lesere.
Makgulo a boemo bo mahareng ba lehodimo
Makgulo ana a ha ho phodile a sebetsa hantle mme a matala mariha ebile a kgona ho mamella serame. Ha ho bapiswa le makgulo a tropike, makgulo a ha themphereitjhara e le mahareng a a hlabosa, a phepo e ntle mme a sileha habonolo. Ho sileha habonolo ho bolela boholo ba dimatlafatsi tseo diphoofolo di kgonang ho di fumana makgulong.
Mehlala ya jwang ba ha ho phodile ke Westerworld le jwang ba rye ba Italy, jwang ba rye ba nako e telele, fescue e telele le cock’s foot. Di-clover -clover ya berseem, clover e tshweu le e kgubedu - ke dijo-peo tse loketseng ho kopanngwa le jwang ba ha ho phodile.
Dijo-peo - clover, dinawa tsa soy le dierekisi- ke dimela tseo, ka dikamano tsa baktheria ya mobu e bitswang Rhizobium, di ka thusang ho eketsa nitrogen mobung. Jwaloka dimela tsa makgulo, dijo-peo ha di hloke ho nontshwa haholo ho feta jwang.
Dijo-peo di na le motso o moholo e molelele(taproot) o kenellang botebong ba mobu ho fihlella metsi mme di na le mahlaku a sephara. Ka lehlakoreng le leng, jwang bo na le metso e sa tebang le mahlaku a masesanyane. Mehlala ya dijo-peo tsa tropike ke stylo le lesere, leo ka nako tse ding le bitswang alfalfa naheng ya USA. Mehlala ya dijo-peo tse loketseng boemo ba lehodimo bo mahareng ke clover e kgubedu le e tshweu.
Ela hloko: Lesedi lena ke bakeng sa thuto le tlhahiso-leseding feela mme le ke ke la sebediswa e le keletso ya ho fepa kapa tsa phepo. Bakeng sa lesedi le batsi ka ho fepa diphoofolo tsa hao le ho jala dimela, ikopanye le setsebi sa tsa temo kapa morekisi wa peo.
Translated by Maletsatsi Sejake