Ho Hlahloba Sterkfontein

Tsamaya ho ya ka Nako

©David Fleminger
Leeto le lebisa ho feta ka tlase ho letsha le lefifi le thotseng, empa le tshosang ka botle bohle ba lona. Mme ho ya ka dikamore tsa yona tse nyenyane ho fihlela qetellong o hlaha moo ho leng bohloko, o kgutlele morao kganyeng ya letsatsing le bokodi.
Leeto le qala sentheng ya baeti le morutisi ‘ho tsamaya ka nako’, e kgabisitsweng ka polaka e bontshang dinako tse bohlokwa ho tswa Big Bang ho ya ntshetsopeleng ya batho ba sejwale jwale. Sena se o tlosa sentheng ya baeti ho feta polata e hlalosang nako ha letsatsi le tjhabile, ho ya molomung wa lefika. Ha o se o palame disetepose, ho utlwahala eka o siile disentjhuri tsa 21 morao ha o se o kena lefatsheng le senang nako la lefika le thotseng. Loeeto le fitisa Silberberg Grotto moo maoto a manyane a ileng a fumanwa, sena ha se ya bulelwa setjhaba ka mabaka a itseng le pelong ya lefika. Ha o se o le ka hare moya wa o phodile o thotse, kereke e telele e ntse e na le majwe a maholo a kgonneng ho hlola diketsahalo tse hlahelletseng tsa mmaeneng ka disentjhuri tsa bo 20.
Ntshetsopele ho le lefika ho amana ha bonolo le tsela e lokileng, tataisa seporong le kganya hofihla o tswa. Ho nale karolo e le nngwe e kgutswane e batlang o kgase. Bakeng sa ho lokoloha o ka apara dieta, bokathe le jase e thibelang moya.

Setsi sa Ketelo sa Maropeng

©David Fleminger
Ba fapafapaneng ba sehlohong ba ikarabellang ho Cradle of Humankind ba nkile mohato o sebete wa etsa setsi se setjha se ikgethileng sa baeti se hohelang bakeng sa sebaka sena. E bitswa Moropeng, e leng ho bolelang hore o fihlile sebakeng sa seo o hlang ho sena. E haufi le lefika la Sterkfontein mme e ka kopana ha bonolo le leeto la lefika seo e kang leeto le putsang haholo.
Ntho eo e leng ya sebele ka Meropeng ke morao. E hailwe ho bontsha Tumulus (kapa ditutudu tsa kgale tsa mabitla), sebopeho se shebahala jwalo ka thaba e nyane mme e apesitswe ka jwang ba maemo bo nonneng bo botala. Qetellong, e kopana ka tloloho lefatsheng le kgidikwe mme ke karolo ntle ya moralo wa ho aha.
Setsi Tumulus e kgolo. Heke e kgaotswe ka dithana le e le nngwe ka hare dikahare ke tse hlollang. E hailwe ho potoloha ka marulelo a bulehileng hodimo a tlohang sefubeng sa thaba ho ya moahong ka fatshe. Disetepose ho potoloha kantle marulelo le dikgaretene tse theohang jwalo ka metsi ho seteposeng se boraro fatshe.
Mokatong wa pele ke moo ho jellwang teng, e fana ka dijo tse bobebe le tse loketseng baeti ba Palaeo. Sebaka se bulehing sa moya ke moo ho nepahetseng bakeng sa ho dula ka ha e o fa pono e ntle ya dithaba, mme ke sebaka se nepahetse sa qeta motsheare wa hao wa mantsibuya o kgathetse. Kgohelo e kgolo ya bahahlaudi e mokatong o ka fatshe, ka tlasa lefatshe moo o tla fumanang holo ya dipontsho e tletseng diwatjhe tsa kgale tsenang le dipale. Ho fihlella holo, o ka nka nka leetonyana le lekgutswane le kgahlang pakeng ka kgalase fibe ya lejwe, metsi a tsholohang a laolwang ka remoutu le mollo wa motjhuni o bontsang qalo ya lefatshe. Ha e kotsi, e bonahala feela sa qetello ya tshohanyetso koqo e ya fatshe ka lebanta ke tsamaisang ho ya metsing, empa e hatella hanyane.
Ho nale melaetsa e mengata eo o ka e unang mona Maropeng e kaofela e re amang jwalo ka setjhaba se fapaneng. Ho nale dipontsho tse bonahalang le ditshobotsi tse letlang. Empa rea kopa, o seke wa nka mantswe a ka bakeng sa yona. Batho ba bang ba ile hore holo ke e hlollang mme ebile e molemo, jwale eta mme o inkelele qeto.

Translated by Sebongile Sonopo