Ditumelo Tsa Botjhaba Tsa BaNtwana

Matshwao a Tumelo

©Dr Peter Magubane

Ho BaNtwana, pula ha se mohlōdi feela wa tswalo-botjha. E boetse ke letshwao la pelehi ya moya le ho ba sesupo sa hore tlholeho le setjhaba di phela mmoho ka kutlwano. Ho netefatsa diketsahalo tsa tlholeho, mesebetsi ya ho roka pula e a etswa selemo le selemo. Pele ho ketsahalo ena pula e bitswa ka letshwao la nonyana ya letolo (tladi).

Nonyana ena eo ho dumelwang e le mofuta wa ntsu ya Kapa, e bonahala ka masiba a mafubedu, a masweu le a matsho. Ho dumelwa ha nonyana ya letolo e tshwasehile kahara ntho e bitswang lehadima, e leng lenaka la kgomo le kgabisitsweng hore le tshwane le nonyana e nang le didikadikwe tse kolohaneng tse kgubedu, tse tshweu le tse ntsho.

Lehadima le sebediswa ke dinohe tsa bommê le bontate (ngaka kapa mapale) ho bitsa pula e tla netefatsa tlhahiso e ntjha e nonneng ya mobu le setjhaba.  

Setjhaba sa BaNtwana se na le maikutlo a fapaneng mabapi le matshwao a pelehi. Mohlala, mmala o mofubedu o nkwa e le mmala wa pelehi ebile e le wa kotsi. Letolo le nkwa le bidietsa pula, mme BaNtwana ba dumela ha le tshwasitswe ke baloi ebile le sebediswa hampe ho fokodisa tlhahlamano e kwenneng ya tlholeho.

Jwalo feela, basadi ba ikarabellang pelehing ya lefatshe le ya popelo, ba nkwa ba le kotsi tswelopeleng ya setjhaba. Pherekano ena e bonahala ka kamano e pakeng tsa basadi le dikgomo. Bobedi bo suptjwa ke boemo ba tsona ka ho bapa.

Bobedi bona ke matshwao a pelehi mme di emetse kotsi e ka bang teng matleng a tsona a pelehi. Mohlala, basadi ba ntseng ba ya matsatsing ha ba a dumellwa lesakeng la dikgomo. Lebaka la seo ke hore, ebang mosadi ya hlokang pelehi a ka kena lesakeng, boemo bo tshwanang le boo bo ka wela dikgomo.

Basadi ba nkwa ba ‘bolokehile’ ha feela ba se ba fetile dilemo tsa ho ya matsatsing, ha ba se ba lahlile difaha tsa bona tsa thekeng, ntle le lebanta le tlasetlase le pinki. Ebang mmala o pinki o nkwa e le motswako wa o mofubedu le o mosweu, mmala o na o supa boemo bo hodimo le ba thobalano bo tsitsitseng.

Hona ho bolela hore BaNtwana ba aha dikamano tse rarahaneng, tse bilohang pakeng tsa mebala e itseng, dintho le tsohle tse hlokehang bakeng sa ho iphedisa. Mebala e amahanngwa le motjheso le ho phola, bohlweki le kotsi, tse thusang BaNtwana ka matshwao a puo a thusang ho tlisa moelelo lefatsheng leo kgafetsa le bonwang le sa utlwisisehe, le tletse kgalefo ebile le dula le fetoha. 

Translated by Maletsatsi Sejake