Dihlopha Tsa Motjheso Le Serame

©Louise Brodie

Semela se hloka nako ya motjheso le serame metjheng ya kgolo ya sona. Dinako tsena tsa motjheso le serame di bontshwa ka dihlopha tsa motjheso le tsa serame.

Dihlopha Tsa Motjheso

Dihlopha tsa  motjheso (CHU) di na le tshusumetso ya thempheritjhara kgolong le ntshetsopeleng ya semela. Ho hola ha semela ho itshetlehile motjhesong ka kakaretso oo semela se kopanang le oona bophelong ba sona bohle, o bokeleditsweng e le matsatsi a di-grata. Ha ho phodile kgolo e a dieha mme motjheso oona o potlakisa ho hola ha semela. 

Afrika Borwa, re sebedisa 10˚C eo e leng yona e loketseng poone, e leng sona semela sa rona sa mantlha sa dijo-thollo, mme e le themphereitjhara ya motheo. Themphereitjhara ya motheo ke themphereitjhara e ka tlase hoo semela se senyehang, se sa kgoneng ho hola kapa se sa hlahiseng letho. Mohlala, themphereitjhara ya motheo ya dierekisi ke 4˚C ,e leng semela sa ha ho phodile, 10˚C bakeng sa poone, e leng semela sa lehlabula, 13˚C bakeng sa ditholwana tsa citrus le mmoba mme e be 18˚C bakeng sa difate tsa dipalema.

Ntho tse ding tse se susumetsang ho hola ha semela, ke nako ya kganya ya letsatsi (photoperiod), ho nona ha mobu le metsi a mobung. Ho butswa ho ka diehiswa (metsi a mangata) kapa ha potlakiswa ka metsi a teng mobung.

Dikokonyana Tse Senyang Dimela Le Themphereithara

©Olaf Leillinger

Dikokonyana tsa dimela le tsona di susumetswa ke motjheso ebile ha di kgone ho mamella themphereitjhara tse ding. Kahoo tekanyo ya motjheso/matsatsi a di-grata, e ka sebediswa ho lepa ho hlahella ha dikokonyana le ho rala lenaneo la tshebediso ya meriana e di bolayang. 

Mohlala, themphereithara ya motheo e lokileng bakeng sa codling moth (mmoto), e leng kokonyana e kgathatsang ditholwaneng tsa citrus, diperekisi, nectarine, diapole j.j., ke 11˚C. Themphereitjhara e loketseng cotton bollworm  ke 14˚C, e kgathatsang dimeleng tse kang dierekisi, dinawa, koro, cotton, poone, ditholwana tsa citrus, dimela tsa cucurbits (mokopu, lehapu j.j.), ditapole, tamati le lesere. Ha oriental fruit moth  yona, eo e leng yona e senyang diperekisi haholo, e le 7˚C.

Chill Units Ke Eng?

©Louise Brodie

Chill units hangata di bitswa ‘positive chill units’ (PCUs). PCUs ha di tshwane le dihlopha tsa motjheso (CHUs). Mokgwa wa dipalo o rarahaneng o a sebediswa ho lekola dihora tse felletseng tse ka tlasa temperature e sebediswang, mohlala 4˚C. Naheng ya USA, dithemphereitjhara tsa 4.4˚C le 7.2˚C di sebediswa e le tsa motheo tse kgethollang dihora tsa ho phodisa. 

Dimela di hloka themphereitjhara tse phodileng ka mabaka a fapaneng. Ditholwana tse hlohlorehang mahlaku di a phomola mafelong a lehlabula. Kgolo e a emisa ho fihlela semela se na le serame se itseng nakong ya mariha. Mohlala, diperekisi di hloka themphereitjhara e pakeng tsa 2.5˚C le 9˚C hore di phomole ka ho phethahala. 

Ebang bonyane ba temperature tse phodileng tse hlokehang bo sa fihlellwe, hona ho baka bothata ka selemo jwaloka ka tieho ya ho ba teng ha dintlha tsa kgolo lekaleng (diperekisi-kotulo e diehileng j.j.) kapa ho sa thunye ha dithunthung (diapole-tholwana tse nyane, tse mmalwa j.j.). Tsena tsohle di baka tjhai e fokotsehileng haholo.  

Bakeng sa dimela tse tshwanang le diperekisi le diapole, ka nako tse ding dik’hemik’hale di a sebediswa ho thusa ho ba le dintlha tsa ho thunya/ho hola haeba di-PCU di ne di sa lekana ho netefatsa hore hona ho etsahala ka tsela ya tlholeho. 

Dibakeng tsa tlhahiso ya ditholwana tse hlohlorehang mahlaku, bolepi bo itshetlehileng ho PCUs bo ka etswa ho lepa ho phunyeha ha ntlha ya kgolo, kotsi ya ho senyeha ha thunthung ke serame le nako ya kotulo. E ka sebediswa hape ho diehisa ho thunya, e le ho thibela ho senngwa ke serame kapa ho kgetholla hore na sebaka se loketse ho hola ha semela se itseng na. Koro e hloka phekolo e batang e bitswang vernalization. Vernalization ke ha themphereitjhara tse tlase di hlokeha ho susumetsa ho thunya ha dipalesa le tlhahiso ya dijo-thollo. 

©WRC

Translated by Maletsatsi Sejake