Common Duiker

© Roger de la Harpe

Tlhaloso

Lebitso la yona letswa ho lentswe la Afrikaans ‘deiker’ le bolelang ho qwela, eleng mokgwa o amanang le yona haholo wa ho balehela morung hahona le kotsi. Di ka phela kantle ho metsi, empa di ka phela ka Makala a difate, ditholwana le dipeo. Ke enngwe ya matsa aseng makae ajang dikokonyana le diphoofolo tse tshweleng.

Tjhebahalo

E nyane, dihlong mme tse tona dina le manaka. Tse tona di bolelele ba dimilimitara tse 500 Mahetleng, tse tshehadi di bolelele ba dimilimitara 20. Tse tona di boimaba ba dikilogramo tse 15-18, tse tshehadi di boima ba dikilogramo tse 16-21. Mmala wa tsona o ka hodimo o a fapana, o boputswa, o mokgubedu ho ya bosehleng. Mebala ya tsona e fapana ho ya ka dibaka tseo di dulang ho tsona, Karolo tseka fatshe tsa mmele wa tsona di tshweu. Boholo ba tsona dina le mola o motsho o tsamayang mmeleng wa yona ho tlowa ka fatshe ho ya sefahlehong haufi le mmopo.

Dijo

Ke diphoofolo tse tsomang, dija dipalesa, ditholwana le diboko. Dibakeng tse ommeng lehapu le jellwa ho fana ka metsi mmeleng wa yona. Ho kaba le bothata ka dijalo, difate, dirapa tsa merara le dimela tse ding.

Dipatlisiso tse ikgethileng

Boima batse tona: Dikilogramo tse 17-25
Boima batse tshehadi: Dikilogramo 15-21
Nako ya boimamana: Disentimitara 110
Palo ya bana: Disentimitara 110
Boima ba tswalo: Digramo tse 175
Taelo: artiodactyla
Lelapa: Bovidae

Tswalo

E tshehadi e tswala lesea leleleng ka mora dikgwedi tse tshelela, Lesea leleleng empa ka di nako tse ding e ka tshwala mafahla. E tshwala nako enngwe le enngwe selemong empa haholo e tswala hlabula. E hola ka ho felletseng ka mora dikgwedi tse supileng, tse tshehadi di qala ho kena thobalanong dikgweding tse robedi ho isa ho tse robong, empa di tswala ha dina le selemo. Ha di etsa thobalano hotswa ka bodulo le tlwaelo hore na tse tona di etsa thobalano le tse tshehadi enngwe kapa ho fela. Namane e hlaha nako enngwe le enngwe ya selemo. E tshehadi nakong eo e pepang ka yona e ipata ka hara meroho e meholo, ha ntle ntle e pata ledinyane ka morao hore le hlahe. Namane e hlaha e bopehile ka ho phethahala mme e ka kgona ho matha nakong ya dihora tse 24.

Boitshwaro

Di mafolofolo motsheare wa mantsibuya le ka dinako tse itseng mesong. Tse tona le tse tshehadi di rata sebakasa tsona, tse tona ibile di leka ho leleka tse ding tse tona, tse tshehadi tsina di arolelana tsebaka le tse ding tse tshehadi, di kopana haholo ka nako ya thobalano commondaiker ke a mang a matsa a atlehileng haholo aforika, di phela ho fihla dilemong tse robedi ho isa hotse leshome le metso o mong. Ke phofu e bohlokwa haholo ho diphoofolo tse jang nama tse kgolo letse itekanetseng.

Bodulo

Ha di dule morung empa nakong eo di balehelang dira di kena morung. Boholo di dula aforika empa ha diyo mahwatateng di bonahala haholo ha mafube a hlahale ka shwalane le meferong e bulehileng. Ha di rate moru o bulehileng moo hosenang moriti. Di fumaneha ho ralla le Afrika le borwa ba Sahara ntle le merung e bohareng ba Afrika.

Tlhaloso mohato

Enale mohato o moholo ho feta ya matsa a mang mehatoe meng e yentsemetsu ha e meng e le sedikwadikwe. ho kaba e lengwe kapa tse pedi tse sa tshwaneng

Dira

Di balehela dira tsa tsona ka ho dula dikgutsitse kapa di sa tsitsinyehe. Di baleha ka nako eo di atamelang haufi. Di matha ka methinya ha dibaleha, ke ka hoo di ileng tsa rewa Duiker eleng lentswe la Afrikaans le boleng ho qwela. Namane e ka matha nakong ya letsatsi e hlahile empa e patwa ke mma yona sebakeng sa sireletsehileng. Mma lona o atla ha a tlo le nyantsha le ho le hlwekisa di ka jowa ke phoofolo tse kgolo mooho le tse itekanetseng jwalo ka Ntsu, Nkwe, Phokojwe le Fariki ya naheng. Tse ding dinkuwa ke di Koena.