Cheetah
Lengau

© Shem Compion

Lebitso

Lengau (acinonyx jubatus)

Tjhebeho

E tsebahala jwalo ka phoofolo e lebelo ka ho fitisisa lebelong le le kgutsane, mme e ka fihla ho kilomitara tse 90 bekeng sa hora. E qollwa ka mmele wa yona omosesane, maoto a malelele, hloho e kgidikwe le ditsebe nyane tse kgidikwe tse dutseng ka ho arohana. Boima ba yona ke kilogram tse 40-60, bolelele ba milimitara tse 800, bolelele ba yona ho tloha hlohong hoya qetellong ya mohatla ke mitara tse pedi. E tsebahala ka matheba le ka mohatla wa yona o molelele ba ho lekana le mmele le hloho ya yona. Mohalatla wa yona le ona o ikgethile ka popeho ya ona le motako wa mela.

Dijo

Boholo phofu ya tsona ke matsa, thiane,tshepe tse lekaneng le tse nyane, empa ho nale Mangau a ikopanyang bakeng sa ho tsoma tse kgolo jwalo ka Kgare. Phofu e nngwe ke Tshwene, Nonyana tse fatshe, Mokgodutswane, Mmutla le Noko.

Tswalo

Ha dina nako e itseng yaho tswala, di tshwana lenkwe. Di tswala ka mora nyalalo ya dikgwedi tse 3, eka tswala madinyane a 2, mme ka nako e nngwe 6. Madinyane a dula le bo mma ona hofihlela dilemo tse 2, ka bomadimabe ha di dule ho fihlela di tsofala ka lebaka la ho tsongwa ke phoofolo tse kang Tau, Nkwe, diphiri, phokojwe, Ntsu le tse ding. Ka baka la ho fokola e iphumana e tlohela ledinyane le jewe ke dira kapa ho jowe yona.

Boitshwaro

Di phela ka sehlopha sa lelapa le kabang 2 kapa 6, le ha feela tse ding di rata bo mong. Ke history taba ya hore bongata ba tsona di fokotsehile haholo ho ralla le kontinente ya Afrika ka baka la bokoniale. Lengau le mafolofolo bosiu haholo ka papadi ya yona ya tlhorong ya thaba ha letsatsi le dikela le ha le tjhaba. E rata ho robala motsheare,mme e kgetha se baka se phahameng moo ho nang le moriti bakeng sa letsatsi le tjhesang. Ha e howa e ka o makatsa, e etsa modumo o kang wa nonyana. E tlabe e ntse e kgasa e etsa modumo oo, ha o tlabe o lebelletse e tla rora.

Bodulo

Boholo e rata dikgohlo tsena tse tlabeng di hlahisitswe difiliming, empa hape di lapeng merung. Dinamatsana tsena tse sa fumaneheng hangata di fumaneha feela Kalaharile provinsing ya Leboya le Mpumalanga, ka sewelo o di fumana le privinsing ya Kapa leboya. Mangau a ile a bolawa ka 1930 provinsing ya KwaZulu-Natal Afrika Borwa. Di ile tsa tsebahatswa Namibia ho ya Hluhluwe, Umfolozi le Mkuze game reserve ka 1965, le Bophirima ba lewatle la Lake St.Lucia ka 1978.

Dintlha tsehlokolosi

Morena Lengau ha se namatsana feela ka boyana, empa ke phoofolo e hlollang lelokong la Mangau. Boholo di bolokuwe Kruger National Park le Leboya Gauteng.

Lebitso la Selatini

Acinonyx Jubatas

Diphuputso tse ikgethang

Boimaba tsetshedi: Kologram tse 36-48
Boima ba tse tona: Kilogram tse 39-60
Bolelele ba basadi: Mitara tse 2.0
Boleleleba tse tona: Mitara tse 2.0
Nako ya nyalano: Kgwedi tse 3
Palo ya bana: 1-5
Kgolo thobalanong: Dilemo tse 2
Boima ba tswalo: Gram tse 272
Taelo: E ja nama
Lelapa: Katse e hlaha

Tswalo

E tswala ka nako tse fapaneng tsa selemo le dibakeng tse fapaneng.