Sefate sa tholwana seo eleng hore se tsebahala hape ele St John’s ke dijo tse nyenyana ho ya mahareng tse dulang dile tala sefateng ka Makala a benyang seka letlalo. E hlaisa 13-30 cm bolele ba bophara ba letlalo, peo tsa teng tse tswekere jwalo ka makgasi a chokolete le marenene, tse tshetseng dinawa tsekang peo. Sefate se sa tholwana hase sefate sa setso ho naha ya Afrika Borwa fela se bontsha tshepiso jwalo ka phoofolo le motho ho phahamisa tsamaiso ya dijo. Dipatlisiso tsa tholwana ena diile tsa etswa hola USA ka 1949 leka mefuta e fapaneng e tswileng pele ho kgethweng ha ona moo eleng hore tseding tsa tsona diile tsa tliswa Afrika Borwa.
Bonnyane tseding tsa semela kappa sefate se tshwanang le sena di sebediswa lefatshe ka bophara, hotloha tatsong, boholo ba peo (bophara, mothinya, hosotheha kappa bophara), jwalo ka peo le tswekere ka boahare hotlowa 48%-56%. Mefuta e mehlano e fapaneng e fumanahala e hodile Afrika Borwa haholoholo Bpohirima ba Kapa moo hoileng ha tutswa di thutong keba Lefapha la mahlale a Dijo hola Univesiting ya Stellenbosch ka 2010. Maemo a tswekere (moo eleng hore 70% ene ele lelomong) bophahamo bo tlowa 40-54%, ditotini jwalo ka tekanyo ya 17 amino esiti dile tsa fumanwa, le ho qolla hare bohlokwa ba amino esiti tse supileng.
Dihlahiswa tse mmalwa tsa dijo-bohobe, dijo tsa hosing, lebese le nowang, motoho le mousi di hlouwe nakong ya thuto ena. Ka lebaka la bonyane bo batluweng, sefate see sa tholwana se dumelletsehile bakeng la botlase tlatsetsong ya sehlaiswa tsamaisong. Sefate sa tholwana se tlwaelehile di jalong tsebedisong ya peisagen le horobeng moya. Se sebetsa hantle mollong jwalo kaha Makala a teng ach aka monyebe. Lepolanka la teng ke le thata mme le atametse honyane le theko ya teng bakeng la tshebetso. Lecha ka monyebe mme leletle ka mollo le ho etsa mashala a matle ka tsela e makatsang. Dithotse le Makala a teng dintle haholo bakeng la ho fepa diphoofolo jwalo ka makgomo, difariki, manku esitana le ditonki.
Tholwana ena enale boleng bah ore eka sebediswa phepong ya batho. Eka jewa ele foreshe leha e hadikuwe. Peo tse ka fatshe di sebediswa ho etsa dinawa, mme di boela di sebediswa le ho teteantsha esitana le ho fanaka tatso ya chokolete dijong. Tholwana ena entse e hola dilemong tse fetileng naheng tse ngata hara lewatleng la Mediterenien. Hangata maemong a tjee hanyata hara baka tse mobu o fokolang. Boelihloko ba hlaiswa see sa sefate sa tholwana ba kenyelletsa ka hare naha tse latelang, Spain, Italy, Morocco, Turkey le Portugal.
Hoya ka dipalopalo tsa UN, vho hlahisitswe dihlaiswa tse fetang 40 000 tsa tholwana ena ka 2016. Poere ya tholwana ena e a sebediswa Afrika Borwa moo hanyata hlaiswa tsa bona di tswang Spain. Peo ya tholwana, e ne e sebediswa jwalo ka sekala honka boleng ba kgauta le lehakwe lebaka ele peo di lekana le boleng. Lentswe Carat le hlaha qirat ele lebitso la Searapo bakeng la dipeo.
Sefate sa tholwana se holing ka monyebe seka hodiswa hotswa peong. Dipeo di ipatlela metsi a betseng mme kalafo e latele ka mora matsatsi a mararo ka mora ho inelwa ho phahamisa tswelopelo ya ho mela. Dipeo ditlameya ho kenngwa hara mobu (ka hwetla kappa hlabula) ka hara setselo sele seng jwalo ka ha o ka sevedisa hape setshelo sa lebese se sebeditseng pele. Dipeo di mediswa hase di fihlile 8-10 cm ka bolele. Iphapanye ho senya mmetso ya teng hoba le boi ha o jala.
Sefate se sa tholwana di triocious ho bolelang hore bobedi sefate sa monna le mosadi diteng mme tseding tsa tsona di hlaisa bobedi bokopane malomong. Sefate sa monna seka nyadisa kappa sa hlaisa hoya ho 10-20 hosona ele basadi. Nyadiso e hlaiswa ke moya le dikokonyana ele hore bonnyane hangata di nyadisa ka baka la ho fokola. Tholwana tsena di kgona ho mamella komello, metsi a molatswana le mofuta ofeng kappa ofeng wa mobu ntle le o boima jwalo ka letsopa le onang le esiti. Sethabela komello le moo honing le majwe. Sefate se ithlokela ho nosetswa ha nyane le manyolo le ho hlailwa.
Tholwana tsa teng di kotulwa pele mariha mme se tlameya ho hlaolwa ka palo, di latwe ka matloa ka tlasa sefate mme di bewe letsatsing ho oma. Dithotse di hlaiswa ka mora lemo tse 6-7 mme hoisa ho 125 kilo grama ya dithotse dika kotulwa hotswa sefateng se tiileng (lemo tse 25 bonnyane. Boleng ba 2kg dika lebellwa hotswa sefateng sa lemo tse tsheletseng. Mefuta e fapafapaneng eka hlaisa mefuta ya ditholwana nakong ya lemo tse 3-4. Mahloka sefateng sena sa tholwala a baleha mme di fumanwa fela pekgong ya dikokonyaneng.
Translated by Sebongile Sonopo