Agroecology ke saense ebile ke mokgwa wa temo o seng o sebediswa lefatshe ka bophara.
Dintlha tsa motheo tsa Agroecology di shebane le ntshetsopele ya mobu o nonneng le ho kgothaletsa dihwai ho fepa mobu ho na le dimela. Agroecology e tlotla tsebo ya boholoholo le ya lehae, e matla le ho ba sedi ebile e ikamahanya le metjha ya tsebo ya setjhaba sa Iroquois, e leng morabe wa America. Hape agroecology e a amohela hore temo e lokela ho bua ka tataiso e bitswang 7th Generation Principle. Tatatiso ena e hlalosa hore diqeto tseo re di nkang kajeno di lokela ho tlisa botsitso lefatsheng bakeng sa meloko e supileng e tlang. E boetse e kgothaletsa ntlafatso ya mobu o nonneng ka ho thatiselletsa taba ya ho shebana le ntshetsopele ya mobu eseng ya semela.
Mekgwa ya tlhahiso ya agroecology e itshetlehile tataisong ya tsela eo diphoofolo di phedisanang kateng tikolohong eo di leng ho yona le ho fokotsa ka matla tshebediso ya thepa e tswang kantle.
Agroecology e sebedisa mekgwa ya tshebetso ya temo e kang ho jala dimela mmoho, tsela ya boholoholo ya tshwaso ya dihlapi le thuo ya diphoofolo (ho na le mokgwa wa sejwalejwale), ho kopanya dimela, difate, diphoofolo, dihlapi, manyolo le ho sebedisa monontsha, hammoho le ho sebedisa peo ya lehae le ho tswadisa diphoofolo.
Temo ya agroecology e sisinya tsela ya temo ‘e hlahisang dijo ka ho sebedisa ka bokgabane mehlodi ya tlholeho le ditshebeletso ntle le ho senya mehlodi ena’. Temo e a ipabola mme e a tsitsa ha e sebedisana mmoho le diphoofolo le tikoloho. Mohlala o latelang o supa tjena; ho ntlafatsa boleng ba mobu le ba semela ka ho eketsa ntho tse putisang (organic) le bongata ba diphoofolo le dimela tse fapaneng tikolohong ho na le ho lwantsha tlholeho ka dik’hemik’hale.
Dihwai tse sebetsang ka temo ya agroecology di ikemiseditse ho ntlafatsa bophelo le ho nona ha mobu, ho eketsa tjhai bakeng sa phepo e lekaneng, ho matlafatsa mebaraka e sa kgetheng nku ka pere bakeng sa dihlahiswa tsa bona, ho ntlafatsa menyetla ya ho phedisana ha diphoofolo le tikoloho ya tsona le ho eketsa tsebo le meetlo ya boholoholo.
Agroecology ha se ntho e ntjha-lentswe lena le ka fumanwa dingolweng tsa saense tsa dilemo tsa bo-1920. Morao tjena, agroecology e se e kenelletse meqoqong ya matjhaba le ya ditsi tsa UN (Matjhaba a kopaneng). Ho hlaloswa ha agroecology e kenyeletsa dipolotiki, setswalle, moruo le meetlo. Le jwale, agroecology e tshepahalla ‘Universal Declaration of the Rights of Mother Earth’, e ileng ya thehwa sebokeng sa World People’s Conference ditabeng tsa ho fetoha ha boemo ba lehodimo selemong sa 2010.
‘Food and Agriculture Organization of the United Nations’ (FAO) e ile ya ba le diboka tsa agroecology ho thusa ka tataiso ya dinaha ho fetola mekgwa ya tsona ya tlhahiso ya dijo le temo hore ho be le temo e tsitsitseng. Agroecology e ikemiseditse ho fihlella ‘Zero Hunger’ (ho fela ha tlala ka hohlehohle) hammoho le ditabatabelo tse ding tsa ntshetsopele e tsitsitseng tsa United Nations (Matjhaba a kopaneng).
Dibokeng tsena tsa FAO, ho ile ha hlahella dintlha tsena tse latelang:
Motswako
Tshebedisanommoho
Ho kgutlela setlwaeding
Ho sebediswa hape ha thepa
Ho theha mmoho
Karolelano ya tsebo
Phedisano ya batho le setswalle
Puso e nang le boikarabelo
Ho ba ngatana e le nngwe le ho sebedisana mmoho ho tsa moruo
Tsena tsohle ka agroecology di a sebeletsana mme di itshetlehile ho enngwe le enngwe.
Ho fumanehile hore hohle moo agroecology e atlehileng teng, mmuso wa lehae o tsheheditse. Tshehetso ya mmuso ho agroecology lefatsheng ka bophara, ebile ditlamorao tsa mekga e sebeditseng ka matla ho susumetsa mebuso hore ho be le maano a tshehetsang.
Afrika Borwa teng, ho na le moralo wa bone wa ‘confidential discussion document’ (tokomane ya sephiri ya dipuisano) ya Phato 2011 e amahanngwang le temo ya ‘organic’ eo e leng moralong wa bo 12 ya Organic Agriculture Policy (Leano la Temo ya ‘organic’).
Moralo o laolang ho ka busa lefapha o a hlokwa, e le ho matlafatsa tumellano, ponaletso, ho fumaneha le boikarabelo ;e le ho tshehetsa tlhahiso e phatlaletseng ya boleng bo hodimo le dihlahiswa tse bolokehileng bakeng sa mebaraka ya lehae le ya kantle ho naha.
Translated by Maletsatsi Sejake