Tukiso ya Boleng ba Mahe

© Chris Daly

Ho thibela ho senyeha, mahe a lokela ho iswa barekising ka pele ka potlako. Mahe a lokelwa ho bolokwa maemong a lehodimo a ka tlaase ho dikgerate tse 13 mme ha a lokela ho tlohela letsatsing kapa a tlohelwe ka phaposing e tjhesang haholo.

Ho Food and Agriculture Organisation ya United States o ile a nahana ka mehato e latelang ho thibela ho senyeha ha mahe:

Ho isa mahe meriting, phaphusi e nang le moya o lekaneng le barekisi tse ka tlase ho lefatshe ka pele ka potlako ka mora hore a behelwe.
Phaposi ya sehatsetsi kapa fene ya motlakase e ka sebediswang ha motlakase o le teng.
Moo ho senang motlakase mahe a ka bewa meriting kapa phaposing e lefifi e apesitsweng ka makgasi a matala ho tswela pele o fokotsa maemo a lehodimo.
Mahe a ka bolokwa hape pitseng e kentsweng fatshe ka halofo ya yona bulehileng. Bo kahare ba pitsa bo lokela ho etswa mola wa jwang ho thibelwa ho amohela mongobo mme seaparo se hloka ho bewa ka hodimo ho lehe ho dumella ho tsamaya ha moya. Lera la santa le lefatshe le tlala ho potoloha pitsa le metsi di fafaditswe hangata motsheare hore e dule e phodile. Mahe a lokela ho fetolwa ha nngwe ka letsatsi.
Ka tlasa maemo a ommeng lehodimo mahe a ka bolokwa ka hare ho basekete ya patsi kapa dikhaboto tsa terata. Terei ya metsi e bolokwa ka hodimo ho lebokose, ka karolwana ya ho anya e beuweng ka hara Terei le ho hlophisetswa hore monya metsi ka hodima lebokose.

Mahe a Ditshila

©Chris Daly

Ho hlatsuwa ke tsela e sebetsang hantle le e bobebe ya ho tlosa ditshila le mabadi kgaketleng, empa metsi a ba le dikokwana tse kenellang kgetleng ya lehe.

Ho hlwekisa ho lokelwa ho etswa ka khemikhale e senang monko kapa ka metsi a tjhesang ka motjheso wa 38°C, ho ya ka FAO. Kgulelo morao mona ke khemikhale e turang kapa e sa fumaneheng mme metsi a tjhesang a ka phanya kgaketla ya lehe.

Mokgwa o mong ke ho sebedisi polishe bakeng sa ho hlwekisa ka ho karapa le ho borasha kgaketla ya lehe. FAO e ile ya nahana hore sena se lokela ho etsahala ka kelohloko ho thibela ho senyeha ha kgaketla ya mahe.

Oli ya Kgaketla

©Chris Daly

Mahe a ka apeswa ka filimi e sesane e ikgethileng ya khemikhale, le minerale ya oli e tiileng e qamathelang ho fokotsa tahlehelo ya mohodi, haholo moo mahe a bolokuweng seramemng bakeng sa dikgwedi kapa di bolokuwe motjhesong o ka hodimo ho 21°C ho yaka FAO.

Moo mahe a ka kgonang ho emala motjheso o hodimo, FAO e ile ya nahana ho tlowa dihoreng tse 4-6 kamora hore di behelwe, le dihora tse 18-24 mora hore a behelwe ha eba a tla bolokwa maemong a lehodimo a 0°C.

Translated by Sebongile Sonopo