Tsessebe
Kgama ya Lebasetere

© Nigel Dennis

Lebitso

Kgama ya lebasetere [Damaliscus lunatus]

Tjhadimeho

Dipoho tsa kgama ya lebasetere di bokalo ba dikilogeramo tse 140 ebile di bophahamo ba dimetara tse 1.2 mahetleng, hape di kgolohadi ho feta kgomo tsa kgama ya lebasetere tseo di bokalo ba dikilogeramo tse 120.

Tsohle tse tona le tse tshehadi di na le manaka, empa ke feela a dipoho a leng boima. Ha di shejwa ka pele manaka a shebahala seka sebopeho sa ngwedi e halofo. Kgama ya lebasetere e na le sefahleho se setsho ka matheba a perese mahetleng, ha mokokotlo le mmele ka hodimo o le mofubedu le sootho.

Dijo

Di atisa ho fula ebile di ja jwang bo fapafapaneng. Kgama ena e kgetha mahlaku ho feta dikutu. Di rata jwang bo phodileng bo botjha ebile e rata dibaka tse ileng tsa tjha.

Tswalo

Kgama ya lebasetere e tswala ho ya ka sehla, Aforikaborwa di tswala ka Loetse/Mphalane ebile di tswala namane e leng, ka morao ha nako ya tswalo ya dikgwedi tse supileng. Kemolo e etsahala Hlakubele ho fihlela Hlakola.

Ka nako ena dipoho di atisa ho ikgetholla ho fumana molekane wa ho kemola.

Boitshwaro

Kgama ya lebasetere ke phoofolo e phedisanang le tse ding ebile sebopeho sa mohalpe wa yona ke dihlopha tse nyane tsa ho tswala, e nngwe le e nngwe e na le tse tshehadi tse tswalang tse tsheletseng ho ya ho tse leshome ka madinyane a tsona.

Dihlopha tsa masoha le dipoho tse hlomang naha di ka ba le mohlape wa tsona feela e le tse 30. Sena se bonwa haholole matsha le moo ho fulwang ha bonolo. Mehlape e tswalang e nang le dikgomo ha e dula bakeng se leng seng feela.

Bakeng moo kgama ya lebasetere e le teng ka bongata, dipoho di hloma naha ka tshepetso ya “lek”. Dipohwana di thea dihlopha tsa masoha ha di le selemo se leng ha di tebellwa mehlapeng eo e hotseng teng.

E Fumanwa kae

Kgama ya lebasetere ke mofuta wa phoofolo o le mong o tshwanang le pudumo le lethodile, tsohle di tsejwa ka sebopeho sa tsona seo se leng mahetla a phahameng ho feta maoto a ka moraa.

Ke mofuto o le mong feela wa kgama o tsejwang lebatowang lena. Aforikaborwa, kgama ya lebasetere e phela feela masabasabaneng a bokone. Di teng Kruger National Park le dirapeng tse ding diporofenseng tse ding. Di ile tsa kgutliswa dirapeng le dipolasing tse poraebete.

Pokello tsa Bohlokwa

Lebitso la SeLatin – Damaliscus Lunatus
Bokalo (e tshehadi) - dikilogeramo tse 126
Bokalo (e tona) – dikilogeramo tse 140
Bolelele (e tshehadi) – disentimetara tse 170
Bolelele (e tona) – disentimetara tse 170
Nako ya ho tswalwa – dikgedi tse 10
Palo ya madinyane – namane e leng
Dilemo tsa ho tswala – dikgwedi tse 26 – 40
Bokalo ha e tswalwa – dikilogeramo tse 11
Otara – Artiodactyla
Lelapa – Bovidae
Lebelo ha e matha – dikilometara tse 60 ka hora
Manaka – disentimetara tse 35 (a malelele a ileng a behwa – disentimetara tse 47)
Tswalo – Ledinyane le leng le tswalwa ka
Loetse – Pudungwana ka morao ha nako ya tswalo ya dikgwedi tse 8.

Tlhaloso ya Mohato

Ha di ntse tse tsamaya naheng, dikgama tsa lebasetere tse tona tse hlomang naha di na le motsamao o tiileng ebile e di atisa ho ithoma ka kgefutso. Tsohle tse tona le tse tshehadi di na le dithwelesa tse mahlong, empa tse tona di sebedisa thwelesa tsena hangata ho feta tse tshehadi.

Di atisa ho pikitla difahleho tsa tsona mobung, sehlaheng sa masetlaoka ka mehla kapa lehlabatheng, e tla koba magole ho etsa jwalo. Tsohle tse tona le tse tshehadi di hloma manaka mobunug, haholo ha ho qeta ho na.

Phoofolo ena e na le dithwelesa mahareng a menwana ya maoto a ka pele, ebile tse tona di tla ngwapa di tjheke mobung ho hloma naha.