Tlhahiso ya Morara wa Tafole

Tlhahiso ya Lefatshe

©Louise Brodie

Bahlahisi ba kgolo ka ho fetisisa ba morara ba ditafole ba dutse Karolong e ka Leboya ya Lefatshe. Naha e hlahisang morara o moholo ho feta tsohle ke Chaena e latelwang ke India, Uzbekistan, Italy le United States. Karolong e ka Borwa ya Lefatshe, bahlahisi ba kgolo ka ho fetisisa ke Chile, Brazil, Australia le Afrika Borwa.

Tlhahiso ya Afrika Borwa

©Louise Brodie

Afrika Borwa e ile ya hlahisa le ho tsamaisa morara wa tafole ka nako e fetang dilemo tse lekgolo. Indasteri e hlahisa morara haholo bakeng sa mmaraka wa kantle ho naha mme e ntse e tswela pele ho hola ka potlako ho tloha selemo le selemo. Morara o hlahiswa Afrika Borwa ho tloha bohareng ba Pudungwana ho isa bohareng ba Mphalane.

Dibaka tsa Tlhahiso

©Louise Brodie

Ho na le dibaka tse hlano tsa sehlooho tsa tlhahiso Afrika Borwa. Kotulo ya morara e qala sebakeng sa pele ebe e ya borwa ka tatellano ha kgolo ya dijalo e ntse e tswella pele. Sebaka sa pele sa tlhahiso se teng diprofinseng tse ka Leboya tsa Mpumalanga le Limpopo moo kotulo e qalang ka Pudungwana. Sena se latelwa ke kotulo ho theosa le noka ya Lekwa e ka Leboya ho tloha bofelong ba Pudungwana ebe e fetela

molemong wa Olifants River Valley moo kotulo e qalang bohareng ba Mphalane. Dikarolo tse pedi tsa ho qetela ke dibaka tsa tlhahiso ya Berg River le Hex River moo kotulo e qalang ho elella bofelong ba Hlakubele. Sebaka sa morao-rao sa tlhahiso ke Phula ya Noka ya Hex, moo kotulo e ntseng e tswela pele ho fihlela bohareng ba Mphalane.

Mefuta e Fapaneng

©Louise Brodie
©Louise Brodie
©Louise Brodie

Indasteri ya morara ya tafoleng ya Afrika Borwa e se e fetile dilemo tse lekgolo empa e ntse e le matla ka kutlwisiso ya nnete ya phetoho e sa kgaotseng. Ke ka boikitlaetso bo ikemiseditseng ba balemi le dikhamphani tsa thepa ya mahlale, ha mmoho le balemi le barekisi ba kantle ho naha, ba ikemiseditseng ho fa bareki ba bona sehlahiswa sa pele, hore ho hlahiswa ha mefuta e mecha le e ntlafaditsweng ya morara o tswang ho barekisi ba lehae le ba machabeng, e boloka. indasteri e ka pele ho ntsetsopele ya mahlale le tlhodisano ya machabeng.

Thekiso

©Louise Brodie

Morara wa Afrika Borwa o romelwa Afrika, Asia Borwa Bochabela, Chaena, Bochabela bo Hare, Dihlekehleke tsa Lewatle la India, European Union, United Kingdom, Russia Federation, Canada le USA. Bongata ba dihlahiswa tsa morara tsa Afrika Borwa di ntse di ya mebarakeng ya bohlokwa ya setso Europe le UK. Hoo e ka bang halofo ya dihlahiswa tsa morara wa Afrika Borwa di romelwa European Union mme tse 25% di romelwa United Kingdom.

Tshebediso

©Louise Brodie
©Louise Brodie
©Louise Brodie

Morara wa tafoleng o jewa haholo-holo e le ditholwana kapa o sebediswa ho di salate kapa o tshelwa ka dijana tsa chisi. Morara ke mohlodi o motle wa divithamini C le K hammoho le divithamini le dimatlafatsi tse mmalwa. Morara o na le di-antioxidants tse ngata, ho kenyelletsa resveratrol le flavonoids hammoho le faeba.

Translated by Sebongile Sonopo