Shiraz

© Glenneis Kriel

Tlhaloso

Shiraz ke khalthiba ya veini e kgubedu ka tatso e hlahelletseng ya musi. E hola ka ntle dipakeng haufi le mefuta e shweleng e leng Dureza le Mondeuse Blanche.

Tlhaho

Pele ho ne ho nahanwa hore tlhaho ya Shiraz ke toropo ya kgale ya Persina ya Shiraz naheng ya Iran. Diteko di bontsha hore qetellong ya 1990 ho totobaditswe hore France ke yona naha ya nnete ya tlhaho, mefuta ya batswadi ka bobedi etswang kgolong ya Shiraz, tlhaho ya tsona e borwa botjhabela ba France.

Mofuta ona o ne o hola melapong ya Rhone dilemong tse lekgolo tse fetileng. Setumo sa yona se qadile ka 1960, e le motswako wa Grenache noir le Carignan.

Mabitso a Mang

Boholo lefatsheng ka bophara e bitswa Cyrah. Bahlahisi ba batjha lefatsheng jwalo ka Aforika Borwa le Australia, haufinyana ba qadile ho sebedisa polelwana ena ho bontsha Mokgwa wa veini ena.

Cyrah e boleketswe bakeng sa botjhaba ba Rhone ka tatso ya tholwana e thibetsweng, ha Shiraz e sebediswa bakeng sa veini ya sejwalejwale moo menokotshwai e nkuwang boemong bo butswitseng e bile e nale tai e hodimo le tatso e ka pele ya tholwana.

Tlhahiso Aforika Borwa

Ha ho tsebahale hore Shiraz e fehlile neng Aforika Borwa. Hoya ka monahano, mmusisi Simon Van Der Stel oe tlisitse Aforika Borwa 1600. Ho bonahala hape ha James Busby a qadile tlhahiso ya Shiraz Australia, a siya dikutu Cape Town tseleng ya hae hotswa Europe ka 1840.

Tshimo ya sefate e lenngweng Groot Constantia qetellong ya 1890 kgetlo la pele, empa mofuta ona Setumo sa ona se ne se lekantswe hobane tlhahiso e ne e le fatshe mme bahlahisi ba ne ba sa tlotlwe bakeng sa boleng.

Boholo ba dimela bo ile ba tshwaetswa ke kokwana hloko ka nako eo. Bernard Podlashuk, o ne a bitswa ntate wa Shiraz Aforika Borwa, ke yena wa pele wa ho tshela Shiraz ka dibotlolong e le veini ka 1957.

Pakeng tsa 1992 le 2016 tlhahiso ya sebaka e neng e sa hlahisa ile ya hola hoya ho tloha ho 900ha ho isa ho 10 000ha, qetellong Shiraz ile yaba Semela sa veini se se kgubedu sa bobedi se seholo ka hara naha.

Tlhahiso ya Tlhaho

Semela sena se sebetsa hantle mobung o bobebe le o itekanetseng, o amohela maemo ohle a lehodimo. Tshimo ya sefate sena e fumaneha dibakeng tsohle tsa tlhahiso Aforika Borwa, Paarl e nale sebaka se seholo se sa hlahiseng hantle, e latelwe ke Stellenbosch le Swartland. E etsa persente e kgolo ya mefuta e hlahisitsweng mabopong a Kapa Borwa.

Kgolo

Sefate se hola ka mahlahahlaha, empa ho nale kutu e holang ka ho hlotsa ho kenelletseng. Tlhahiso e lokiseditswe kgolo ya bonyane 10-15ha.

Ho Butswa

Merara e butswa qetellong ya bohare ba sehla, ho tloha qetellong ya Hlakola ho isa karolong ya pele ya Hlakubele.

Menokotshwai

Menokotshwai e bonyane boitekanetseng, e motopo mme e bolou bo botsho ka mmala. Letlalo le lesesane empa le matla ebile dijo di rothisa mathe.

Makgasi

Makgasi a botala bo ditshila, a maholwanyane, a malelele le marete a mahlano.

Dikokwana tse Senyang le Mafu

Ha e kenwe ke mafu. E tshaba ho senngwa ke moya.

Tshebediso

E sebediswa bakeng sa hlahiso ya veini e le nngwe le motswako e mengata, jwalo ka Cape Blend e lokelang ho tshela bonyane 30% e seng ho feta 70% Pinotage, kapa motswako ya setlabolane ya Rhone. E sebediswa hape le ho etsa veini e kgubedu e phatsimang.

Tatso

Tatso ya yona e itshetlehile hodima dintlha tse fapaneng, ho kenyeletsa maemo a lehodimo, sebaka sa tlhahiso, tsela eo sefate se seng se tshwerwe ka yona mmoho le tsela eo veini e holang ka yona. Ka kakaretso veini e nale tatso e musi, ya pepere, ya dinoko le tholwana, ka dibaka tse ka hare tse futhumetseng bakeng sa ho hlahisa ditatso tsa tholwana tse hlahelletseng.

Ditshimo tsa difate tse bulehileng, kgefutso tse lekaneng le merara e ileng ya siuwa feela ho bontsha e fola ka ho feletseng, mme ebile e amahanngwa le Poreima e butswitseng le menokotshwai ka tatso, ha tse fumanweng sefateng ka tlhahiso e fatshe di nale monko wa dinoko. Tshebediso ya sefate sa Oak e nale matla a hlahelletseng a veini ho tswa ka tsela le mofuta wa sefate o sebedisitsweng.

Translated by Sibongile Sonopo