Qalo ya bophelo ba Winnie Mandela

O hlahetse Transkei

©Eric Miller
Ka 26 September 1936, Nomzamo Winfred Zanyiwe Madikizela o ile a hlaha motseng wa Bizana o neng o bitswa Transkei (Kapa Botjhabela) ka nako eo. Mme wa hae, Nomathamsanqa Mzaidume (Gertude), o ile ruta mosebetsi wa lapeng haesale mme ntate wa hae, Columbus Kokani, e ministara wa lefapha la meru le temo Transkei. Winnie e ele wa bone baneng ba robedi.

Ka bomadimabe mme wa Winnie o ile a hlokahala ka 1944, ka nako eo Winnie o ne a ena le dilem tse 8. Le ha hole jwalo Winnie o ile a nna a kgona ho ya sekolong se tlaase Bizana a ba ya ho qetella dithuto tsa hae tsa sekolo se phahameng. Ha a ka a tshwana le bana ba bang ba MaAfrika Borwa ka nako eo, Winnie o ile fumana thuto e ntle. O entse shlopha sa leshome sekolong sa Shawsbury Qunu, ke moo a ileng a ithuta boetapele. Ha a kgutla a fumana ntate wa hae a nyetse Hilda Nophikela eo a ileng a mo amohela ka mofuthu mmoho le bana babo.

Mosebetsi wa Winnie jwalo ka Mosebeletsi wa Setjhaba

©Peter Magubane
Ka tlasa boeletsi ba ntatae, Winnie o ile a tlowa Transkei ho ya Johannesburg ka 1953 ho ntshetsha mosebetsi wa hae wa bosebeletsi ba setjhaba. Mona o ile a tsamaya sekolo sa Hofmeyer School of Social Worker. Ka 1955 o ile a phetha thuto ya hae mme a le ka hodimo dimo phapising ya eo mme o ile a fumana thuso ya tjhelete ho lo bala USA. O ile a hana, a kgetha ho ba mosebeletsi wa setjhaba naheng ya hae. Winnie o ile a nka poso ya bosebeletsi ba setjhaba sepetlele sa Baragwana, mme ya eba motho e motsho wa pele posong ena. o ile a nna a tswelapele ho iketsetsa lebitso sepetleleng sena, o ile a hlahella dikoranteng tse boleleng moo a qadileng teng le tswelopele ya mosebetsi wa hae.

O kopana le Nelson Mandela

©Eric Miller
Winnie o ile a ba le kgahleho dipolotiking ha a ntse a sebetsa sepetleleng Baragwana, moo ntho ya pele a ileng yaba o lwantsha bofuma boo batho ba pehelang ka bona makeisheneng. Phuputo tsa hae ho bana ba shwang lekeisheng la Alexadra e ne e le mafu a 10 ho bana 1000 ha ba hlaha, sena se ile sa etsa hore Winnie a elellwe ho hloka toka ho teng Afrika Borwa. Winnie o ile batla ditsela tsa ho lokisa ho hloka toka hona mme o ne a se a le dipolotiking le pele a kopana le Mandela.


Ha a ntse a le Baragwan, Winnie ne a arolelana phaposi le Adelaide Tshukudu hosteleng ya sepetlele moo ho dulang basebetsi. Bobedi e bile metswalle ya sebele. Jwale ka metswalle, ba qoqa bosiu, Adelate o ile a jwetsa Winnie ka mmuelli (mopresidente wa mehleng wa ANC Oliver Tambo) eo a ne tshepisitswe lenyalo ke yana, le mosebetsi mmoho le yena, Nelson Mandela.

Winnie le Nelson ba ile ba tswa mmoho kgetlo la pele, ba ya lebenkeleng la dijo la MaIndia haufi le dikantoro tsa babuelli. O ne a siya Winnie ka dilemo tse 16, mme e le radipolotiki ya tsebahalang naheng le ntweng ya tokoloho. Winnie o ne a sa tshoswe ke seo ka 1957, o ile a mo kopa ho monyala, mme a dumela. Ba nyalane ka Phupjane selemo se latelang.

Translated by Sibongile Sonopo