Motlalehi Benjamin Pogrund ho Piet Beyleveld

Mandela ke setho

©Eric Miller

Mofu Piet Beyleveld e ne ele moetapele wa Spingbok Legion, monna ya neng a fana ka ditshebeletso mokgatlo ntweng ya bobedi ya lefatshe o ile a nkwa ke makomonise. Ka mora nako e bile mpresidente wa Congress Demograts, sehlopho sa sa makomonisi se ka pele sa makgowa sa etswa karolo ya Congress Allience le ANC. Beyleveld e ne e le molatedi ya tshepahalang, wa sebele mme a ena le maikemisetso a matle a bahanyetse ba kgethollo.

Maponesa a ile a motshwara mme a qala hoba kgahlano le makhomorate , o ile a dumela hore e sale e le leloko la mokgatlo ho tlowa ka 1956 mme e ne e le paki ho qosong ho ba kenya tjhankaneng. Ka mora nako ha tsena di se di fitile ke ile ka ya ho buwa le yena. O ile a buwa ka bolokolohi mme a hlalosa le ka mokgatlo oo a ileng a ya sebokeng sa wona ka sephiri, ntlong Johannesburg, qalong ya bo 1960.

O ile fana ka ditaba tsa hore Mandela o ne ale moo, mme o dumela hore o ile a kgethwa jwalo ka setho sa komiti. Ho ne ho kgethwa ka sephiri mme mabitso a ba ka hare komiting a ne sa lokelwa le ho tsejwa le ke baleng ka hara mokgatlo. Ka nako eo ditaba tsena e ne e le letolo.

Mmuso o ne o hlile o batla ho tseba hore na Mandela ke lekomonisi kapa jwang. Ha ke ya ka tsebisa taba ena Beyleveld ho mang kapa mang, hantle ntle ke ile e phumula monahanong waka. Ke ne ke sa tsebe hore ke hobaneng maponesa a ile a mo etsa mpimpi, ebile ba batla ho sebedisa yena ho ruthuta Mandela.

Ke pale e ile ya dula e mmakaditse. Mme ka 2007, Padraig O’Malley, ka dingolwa tsa hae tsa bophelo ba Mac Maharaj, a ileng a tshwarwa le Mandela, o qotsa hore ho nale nako e kgutswane eo Mandela a ileng a ba setho. Mme sena se hlahella ka mora dilemo tse mashome a mene.

Translated by Sibongile Sonopo

Nelson Mandela The Conciliattor By Raymond Louw

Ke seo mopresidente wa Afrika Borwa Nelson Rolihlahla Mandela a ileng a se etsa, dilemo tse hlano ka mora hore menyako ya tjhankane e bulehe...more