Mosebetsi wa Desmond Tutu Kantle ho Afrika Borwa

Ho Fihlella Thuto ya hoba Mosuwe

©Eric Miller
Desmond Tutu o ne a dula a batla ho ba ngaka, empa ha a ne a lwanela ho fumana chelete ya ho lefella sekolo sa bongaka o ile a kgetha ho phehella mosebetsi wa ho ruta. O ile a qala ho kwetlisetswa kwetlong ya Bantu e tlwaelehileng ka 1951. Ha a ntse a le moo o ne a amehile haholo ditabeng tsa barutwana, a thusa ho hlophisa ho bala le ho ngola Mokgatlo wa Boitshwaro le wa Bohlokwa, ho hlophisa Mokgatlo wa moetlo le Bodumedi le ho sebeletsa e le mohlokomedi ho Lekgotla la Boemedi ba Seithuti. O ile a boela a nka dithuto tse hlano tsa ngollano Univesithing ya Afrika Borwa. Ka 1954 o ile a abelwa mangolo le tichere ya hae ya Diploma mme ka 1955 a fumana Bachelor ya Ate ya dikgrata.

1955 hape e ne e le selemo sa Tutu se qadile mosebetsi wa hae wa ho ba tichere ya sekolo se phahameng moo a ileng a qala ho shebana le Molao wa Bantu wa thuto o ileng a kenngwa tshebetsong ka 1953. Tlasa Molao ona, barutwana ba batsho ba ne ba rutwa ka mokgwa o fokolang, o neng o lekanyetsa bokamoso ba bona ka ho tebileng ditebello. Tutu o ne a halefisitswe ke sena mme qetellong a tlohela ho ruta ka boipelaetso.

Dithuto tsa Bodumedi

Ka 1958 Tutu o ile a ngdiisa St Peter's Theological College moo a ileng a ithuta Bibele, thuto ya Chache le Melao ya Boitshwaro ba Bokreste. O ile a ba le botumo ba ho ba motho ya bohlale haholo le ya mahlahahlaha ha a ntse a ena le boikokobetso. Pampiri ya hae ya Bokreste le Boislamo e ile ya hapa moputso wa mookamedi wa selemo le selemo. Le hoja merusu wa dipolotiki e ne e eketseha Afrika Borwa ha ntwa e kgahlanong le kgethollo ya bo-ralphde e ntse e eketseha, Tutu e ile ya dula e le ya dipolotiki. O ile a fumana tumello ya tekanyo ya bodumedi mme a kgethwa e le moprista ka 1960.

Ka 1962 Tutu o ile a fallela United Kingdom ho ea ntlafatsa dithuto tsa hae tsa thuto ya bodumedi ho King's College London. Nako eo Tutu a neng ae qetile London e ile ya mo lokolla kgatellong eo a neng a tobane le yona naheng ya habo mme o ne a lokolohile ho hlahloba dintho tse ding tse kang kricket, eo a ileng ae hodisa. O qetile nako ya hae moo le Bachelor of Divinity Honors le Master of degree yabodumedi, ho qotswa ha hae e ne e le ho Islam ka Afrika Bophirimela.

Tutu o ile a tloha United Kingdom ka 1966 bakeng sa Afrika Borwa. Pele a kgutlela hae o ile a etela Paris, Rome mme qetellong Jerusalema ya bochabela moo a qeta dikgwedi tse pedi a ithuta Seheberu le Searabia. Ha a le mona o ile a tshoswa ke tsitsipano pakeng tsa batho ba Bajuda le ba Maarabo a ileng a kopana le yona.

E Tsebiswa thuto ya Bodumedi ho Babatsho

©Eric Miller
Ka 1967, khutlela Afrika Borwa, Tutu o ile a lwanela ho ikamahanya le sechaba se neng se kgethollwa ka thata le ho fetisa melao. Leha ho le jwalo, o ile a tswela pele ka mosebetsi wa hae wa ho ruta le ho leka ho tsebisa batho ka mahlomola a batho ba Afrika Borwa ba futsanehileng. O ile a ruta ho Federal Theological Seminary (Fedsem) Alice ho Eastern Cape pele a fallela ho ya sebetsa Univesithing ya Botswana, Lesotho le Swaziland (UBLS) ka 1970.

Ha a ntse a dula Lesotho o ile a sebeletsa e le mohlokomedi wa ka ntle ho Univesithi ya Fedsem le Rhodes mme a kena mokgatlong o moholo wa Mokgatlo wa Lesotho Ecumenical Association. Hape ho ne ho le moo a ileng a tsejwa ka Thuto ya Bootswa e Macha mme a budulelwa ho e qhekella ka bodumedi Afrika ho dumellana le boemo ba Afrika Borwa boo a neng a tlwaelane le bona.

Ho Sebeletsa TEF

Ka 1972 Tutu o ile a kgutlela Engelane ho ya sebetsa. O kgethilwe hore e be Motlatsi wa Motswalle wa Afrika molemong wa Theological Education Fund (TEF). Boemo bona bo ile ba mo dumella ho ya dinaheng tsa Boraro ba Lefatshe, ho akarelletsa le ba bangata Afrika. O ile a ngola ka diphihlelo tsa hae moo, a bua ka bobodu le bofutsana bo atile Zaire, ho sebedisana ha Mokreste le Mamosleme Nigeria, mmuso o tsotehang wa Kenya tlasa Jomo Kenyatta hammoho le ho lelekwa ha basebeletsi ba Asia Uganda tlasa Idi Amin.

Tutu o ile a sebeletsa Theological Education Fund ka dilemo tse tharo pele a kgutlela Afrika Borwa ka 1975. O ile a kgethwa hore ebe mookamedi wa Cathedral ya St. Mary e Johannesburg, ya eba motho wa pele wa Afrika e motsho ho ba moetelledi pele wa Chache. O ile a boela a sebetsa e le Mobishopo wa Lesotho ho tloha ka 1976 ho isa ho 1978 ha e eba Mongodi wa Machaba a Lekgotla la Kereke ya Afrika Borwa.

Kenyelletso ya Machaba

©Roger de la Harpe
Ka ho fetisisa Desmond Tutu o hopolwa ka tlatsetso ya hae bakeng sa tokoloho Afrika Borwa, empa o ne a boetse a amehile haholo ditabeng tsa machaba ho kenyeletsa tse latelang:

Ka 1987 o ile a fana ka puo ya bohlokwa sehlopheng sa All Africa Conference of Churches (AACC) Togo moo a ileng a bua ka mahlomola a ba hateletsweng Afrika, a kopa dikereke hore di thuse moo di ka kgonang. Hamorao o ile a kgethwa hore ebe mopresidente wa AACC

Ka 1988, Tutu o ile a bua sebokeng sa Lambeth a letsetsa ntwa Ireland Leboya.

Ka 1989 o ile a etela Zaire (eo hona jwale e leng Democratic Republic of Congo) ho kgothaletsa dikereke hore di ikarole ho mmuso wa boipuso

Ka 1989 o ile a boela a bua ka ntwa ya Iseraele le Palestina e tiisang tokelo ya naha ya Iseraele sebakeng sa yona sa botshepehi le tshireletso kgahlanong le ditlhaselo tsa ba neng ba tla

O ile a etela Liberia ka 1994 ka sepheo sa ho hlophisa phetoho ya madi molemong wa AACC.

Ka 1995 o ile a iswa Nigeria ke Nelson Mandela ho kopa ho lokollwa ha batshwaruwa ba dipolotiki mme hamorao selemong seo o ile a etela Rwanda ka mora hore tlhaselo ya bo-radipolotiki e phatlalatswe le ho batla toka.

Translated by Sibongile Sonopo