Mefuta ya Dipodi tsa Nama Afrika Borwa

© Susan Schoenian University of Maryland Extension
Mefuta e mengata ya dihlahiswa tsa dipodi tsa lefatshe tse 570 lefatsheng e ile ya ntlafatswa ho tswa mefuteng e meraro ya dipodi - mefuta ya dipodi tsa Bezoar, Savannah le Nubian.

Ntshetsopele ya podi ya Boer, leha ho le jwalo, e ikgethile kaha ha e eso latele ho phalla ha mefuta e mmedi kapa e mengata e hlwekileng. Ho ena le hoo, baholo-holo ba podi ya Boer ba ile ba kgethwa ho tswa mefuteng ya dipodi tsa Afrika Borwa mme ba ntlafatswa dilemong tsa bo 1950 ke sehlopha sa dihwai tsa seterekeng sa Somerset East sa Profinseng ya Eastern Cape, Afrika Borwa.

Dipatlisiso mabapi le ho ruwa podi ya nama ha e bapise le ya mefuta e meng ya nama e hlahisang diphoofolo tse ruilweng, leha ho le jwalo, Afrika Borwa e amoheletswe ka makgetlo mosebetsing wa yona ho ntsetsopele ya dihlahiswa tsa dipodi tsa Boer.

Ka nako e le nngwe le ntsetsopele ya dipatlisiso tsa dipodi tsa Boer ke Devendra le Burns (1983) e entswe ka dipodi tsa matswallwa a Afrika Botjhabela. Sena se ile sa bontsha bokgoni bo boholo ba diphoofolo tse busolosang tse nyenyane tse thata ka ho hlahisa nama.

Mefuta ya Dipodi tsa Nama Afrika Borwa

Mofuta wa podi ya nama o moholo ya nama ke podi ya Boer, e nkwang e le ya bohlokwa ka ho fetisisa ya nama ya podi lefatsheng. E na le palo ya ho fetola nama ya phepo e nepahetseng. Mefuta ena e bontsha mekgwa e metle ya ho hola, ditshwaneleho tsa nama le setopo ka dihlahiswa tse atisang ho feta 50%.

Mefuta e mmedi e meholo ya dipodi tse phelang Afrika Borwa ke Kalahari Red le Savanna, hape e nkwa e le ‘dipodi tsa Boer’ empa e na le mebala e kgethehileng. Ditlhahlobo tsa DNA di bontshitse hore ho na le phapang e kgolwanyane ya diphatsa tsa lefutso pakeng tsa dipodi tsa Boer le Kalahari Red ho feta Boer le dipodi tsa Savanna.

Kalahari Red e nkwa e le mofuta wa podi ya matswallwa e qadileng ho tloha Borwa ba Afrika. Ditlaleho di bontsha hore dipodi di kgethilwe ho diphoofolo tse ditsebe tse pommeng tse falletseng le merabe karolong e ka borwa ya Afrika dilemong tse fetang 2000 tse fetileng. Di mmala o mokgubedu wa 100% wa letlalo o fanang ka ho ikgakanya ho diphoofolo tse jang diphoofolo naheng mme di thata, di hanyetsa mocheso le komello.

Podi ya white Savanna e ile ya ntshetswa pele ka 1955 mme e nkwa e le mofuta o manganga bakeng sa komello hore e fana ka ho itsetleha ho leka-lekaneng setopong. Di fetoha haholo mme di ka sebediswa ka katleho makgulong a matla hammoho le mefuteng e mengata ya ho fula. Ha se mefuta ya ka dinako tse ding tsa selemo. Di Savanna wethers (dipheleu tse faotsweng) di na le tekanyo e kgolo ya kgolo mme di na le mefuta e sa lekaneng ya pele ho ya ho e meholo. Dipodi tsa Savanna di hlahisa ditopo ka kgotsofalo e ntle - botenya ba mesifa le mafura mabapi le sebopeho sa masapo.

Dipodi tsa Matswallwa

Ke mefuta e mene ya di eco-type (ya habo yona) ya dipodi tsa matswallwa Afrika Boroa - mofuta oa Nguni (Mbuzi), Eastern Cape Xhosa Lob-ear, Northern Cape Speckled le mofuta wa Kunene (Kaokoland). Dipodi tsa matswallwa a mangata di na le matla a mangata a ho ba le komello ho feta dipodi tsa Boer mme ha di fokotsehe ka heartwater, lefu le tshwaetsanwang ke diboseleise.

Phuputso e entsweng ke Ramsay, Smit & Casey (1987) e ile ya bapisa podi ya matswallwa le podi ya Boer dibakeng tseo ho tsona malwetse a protozoal, ho bola leoto, dikokwana-hloko le dimela tse nang le chefo e ne e le dintho tse e tsang bofokodi.
Dipodi kaofela di ne di tlalehilwe di bile di hlahlojwa ka National Scheme mme boitsebiso bo bontshitse hore podi ya matswallwa e hlahisa nama e eketsehileng sebakeng se seng ho feta dipodi tsa Boer.

Dipodi matswallwa ka ho fitisisa di rekiswa ka karolo e sa rerwang mme di bolawa ka tsela ya setso.

Podi ya Tankwa

Podi ya Tankwa e sa tswa sibollwa e boemong ba ho ngodiswa e le mofuta wa podi e tsitsitseng le South Africa’s Department of Agriculture, Forestry and Fisheries (DAFF). Ho ya ka Thinus Jonker wa lefapha la temo la Northern Cape, Tankwa e bontsha bokgoni bo bongata ba podi ya nama.
Le hoja di sa bontshe ditshobotsi tse tshwanang le tse kang tsa mefuta e meraro ya podi ya Boer, dintlha tsa tsona tse matla - dikokwana-hloko le ho hanyetsa mafu, ho ba le bana ba nang le matla a ho ba le bana le ho feta - ho ka ntlafatswa ka ho nyadisana.

Podi ya Angora e le Nama ya Podi

Ha faeba ya mohair ya podi e hodileng ya Angora e eba thata haholo, dipodi di kgethilwe bakeng sa ho tloswa letsweleng. Hoo e ka bang karolo ya 90% ya dipodi tsena tse hodileng di romelwa KwaZulu-Natal ho ya rekiswa bakeng sa mmaraka wa setso. E finyella tefo e molemo (ho boima ba bophelo) ho feta ho rekisa nama ho selakga sa kgwebo. Karolelano ya mmele ho ea ho nama e, le ho le jwalo, e tlase haholo - feela 30 - 35% ho bapiswa le hoo e ka bang 50% bakeng sa dipodi tsa Boer - empa boleng ba nama bo botle haholo ho feta ba dipodi tsa Boer.

Ha e bapiswa le dipodi tsa Boer (22,8%) le dipodi tsa matswallwa (24.3%), Angora e na le diprotheine tse phahameng ka ho fetisisa (29.1%). Nama ya Angora e boetse e na le mafura a manyane (4,4%) ha e bapiswa le 10,5% ( Nama ya podi ya Boer) le 7.9% (nama ya podi ya matswallwa).

Translated by Bongani Matabane