Ho Pheha ka Kgoho

© Chris Daly

Ntho e monate ka kgoho ke hore boholo ba nonyana bo ya sebediswa, o ka ja nama e tletseng dikwetla mme o sebedise masapo a setseng ho etsa setoko. Nama hape e ka etsa dintho tse fapaneng ebile e ka beswa, ya etswa setjhu, khari kapa ya beswa ka onto. Butcher SA e nale mekgwa e latelang:

Kgoho Yohle

©Chris Daly
Kgoho kaofela e fumaneha barekising bohle kantle ho dikahare. (dikahare di kenyeletsa dikilana, dipelo, diphio, sebete le molala). Ha o reka kgoho mmoho le dikahare di phithelwa ha hara polasitiki ka hare ho kgoho. Mokotlana wa polasitiki o lokelwa ho ntshwa pele kgoho e phehwa.
Kgoho e ka phehwa kaofela kapa ya arohanywa le lesapo la mokokotlo. Kgoho kaofela e ka kenywa dinoko kapa ho topelwa ka hare pele e beswa kapa e beswa ka onto. Kgoho e ka bulwa e nokuwe mme e beswa ka onto, kapa e etswa ka senoko sa barbecue.

Mapheo

©Chris Daly
Mapheo a etsa diseneke kapa dijo tsa pele tse hlabosang, haholo ka sousu e kgomarelang kapa dinoko. Di ka beswa ka onto kapa ya nokwa.

Difuba le Tshitsu

©Chris Daly
Difuba le tshutshu ke nama e nang mafura a manyane. Tshutsu di bonolwana ho feta sefuba kaofela, sefuba le tshutsu di ka bakwa, e ka phehwa ka kgetla, ya beswa ka onto, ho phehwa ka onto ho omisa, ya hadikwa ka pane, ya etswa salate, sopho kapa setjhu. E ka rekwa kantle ho letlalo kapa mapheo a halofo a kopaneng le letlalo ho tsona.

Maoto

©Chris Daly
Maoto a nale menoto le dirope tse kopaneng, di nkuwa di le bonojwana le hoba karolo e monate ya kgoho. Di ka marinatwa kapa tsa beswa ka onto kapa beswa, di sebediswa ho baka setjhu ka onto, kheri le setjhu.

Dikahare

©Chris Daly
Kaofela dikahare, dikilana, pelo le diphiyo di ka bediswa ho hlahisa setoko kapa moro, kapa e ka hadikwa ka ho teba.
Sebete ke motheo o motle a tshepe le protein mme se ka hadikwa ka pane le konofolo le dinoko tse ding ho hlahisa hloho ya sebete. Nko ho ya mohatleng e kgothalletswa ho inelwa ka hara botoro ya lebese le metsi a acid pele o se pheha ho bebofatsa tatso. Seke wa kenya sebete ha o etsa setoko hobane e tla sefa tatso e babang.
Dikilana dinale tshepe, divitamini A le C, khalsiamo, sodiamo le potasiamo, ha peleo e ntle ka hoba mohlodi wa protein, aene vitamin B12, fotale le zinc.
Diphio ho ya ka nko le mohatla, di nale setho se tsebahalang ka ho lwantsha kgolo le mofetshe. di sebediswa ka ho ikgetha dijong tsa Mafora le Matjhaena.
Sehlahla se hlohong ya mokoko se kang jelly, se nale bonyane ba diproteine le amino acid. Ke disebediswa tse tummeng tsa MaChina le Cibrio ya MaItaly. Marete a nale protein, sodium, potassium, iron, zinc, phosphorous le magnesium mme disebediswa bakeng sa moro le setjhu. dikgekge le marete a lokelwa ho hlwekiswa mme dibediswe ho tlosa letlalo pele a phehwa.
Maoto a kgoho a paketse diproteine, zinki, phosporus le magnesium mme di sebediswa ho moo le setjhu. dikgekge le marete a lokelwa ho hlwekiswa mme dibediswe ho tlosa letlalo pele a phehwa.

Translated by Sebongile Sonopo