Histori e entseng Mandela ka Benjamin Pogrund

© Eric Miller

Mohwanto wa Sharpville

Mohwanto wa dipasa e ne e le karolo ya merusu ya nako ya 1960. Molao o hatellang kgethollo o ne hlaha dipalamenteng tsohle tsa makgowa mme ANC e ne e sakgone ho e thibela. E ne e sa hlole. Pan African Congress e ile ya hlaha jwalo mokgatlo o fihlang mme ya kgothaletsa batho ho siya dipasa malapeng mme ba ye ditaisheneng tse haufi tsa maponesa ba inehele ho tshwarwa.

Ba ile ba thakgola leano lena ka 21 Tlhakubele 1960 mme ho ile hwa bonahala bonyane feela, empa lekeisheneng la Sharpville moo bonagata bo neng bo kgobokane maponesa a ile a ntsha dithunya mme ba bolaya batho ba 68.

Sena se ile sa etsa hore ANC e nke bohato ka nako eo mme e ile ya bitsa mohwanto ka mora beke. Ha merusu e netse e tla le naha ke ha mmuso o kgaola ANC le PAC, ba e bitsa potlako ya mmuso mme ba tshwara dikete ntle ho teko.

Bohle ho African National Council

Sena se ile sa tlisa matla a matjha ho Mandela. Tambo a ya naheng tse kantlebakeng sa botshabelo, Mandela ya eba yena moetapela botlaseng.

O ile a hola ka hara karolo ena mme a le ka sehlohong haholo bakeng sa selemo se latelang ka kgatello ya ditulo tsa batho ba batsho ho Afrikaner Nationalists ho tlatsa sekgeo seo e letoro le tabatabelo, phatlalatsong ya setjhaba, ho sebetsa mmoho ho hulela morao phatlalatso ya maburu e ileng ya fielwa ke ntwa ya Afrika Borwa disentjhuring tsa bo 20.

Mandela o ile etsa African National Action Council, hanyane a ikgakantse ANC e kgaotsweng. O ile leka ho buisana le batho ba bangata ba batsho ho nka karolo ka ho etsa seteraeke sa kakaretso ka Mantaha wa 29 Motsheanong 1961. Ho ne ho se molaong ho basebetsi ho ya seteraekeng, mme ba ile ba sebitsa “ho dula lapeng”. Ho thakgolwa mohwanto ho etseditswe Pietermarisburg ka Tlhakubele.

E ne ele kopano e kgolo ya molao ya ANC. sebui ka mora sebui ho lokisetsa kgato ya ditabatabelo tsa ho ntshetsa pele hokgetha ka bongata. Thabo e ile ya eba kgolo ha Mandela a ne a tsebiuswa jwalo ka sebui. Lebitso la hae le ne le tsebahala le ha feela a ne a sa fumanehe dikopanong tsa ngata dilemong tse robong tse fitileng.

O ne a thibetswe dibakeng tsetse itseng, e leng se neng se mothibela ho ya dikopanong le moo a kopbang feela le batho, ho bolelang hore o ne a sa lokela hoba le batho ba fetang ba babedi ka nako e le nngwe. O ne a lokela ho ba Johannesburg feela (ntle le ha a ya Pretoria nyeweng ya ho leka ho diya puso). Ntle le dithibelo tsena Mandela o ne le mafolofolo haholo ka hara ANC.

Baetapele ba thibetsweng ba sebeletsa sephiring

Mmuso o qadile ho thibela ho tlowa ka 1950, ANC e ile ya nka qeto ka sepheo sa “re ema le baetapele ba rona”,ka sepeheto sa ho tswela pele ho sebeletsa sephiring ha baetapele ba thibetsweng. Lebaka la ho etsa jwalo le ne le utlwahala empa ha ho bolele hore boetapele bo tla ntshetswa pele e leng se neng se sena ho etsahala ke dikgetho tse bulehileng mme ho ne ho se bonolo ho etsa kgokahanyo le batho.

Ntho e ntle kapa e bohloko ke bopaki ba Pietermarisburg. Lebitso la Mandela le ne le tsebahala empa mongalona a sa tsejwe. Ho thibelwa ha hae ho ne ho fela mme a etsa dimakatso ka ho hlaha,ho tsebiswa ha lebitso la hae ho ile ha etsa ditlatse tse kgolo, empa ba ne ba sa motsebe mahlong.

Dilemo ka mora moo ho ile ha tsebahala hore Mandela o ile a kgahla haholo kopanong eo. O ile a etsa puo ya moralo, mme a tswa kapele pele maponesa a elellwa hore o teng kopanong eo. Kopano e ile ya tswela pele ho ntshetsa pele kgweletso ya mohwanto.

Puo e sa lokisetswang

Kgohedi eo Mandela a nang le yona e sa fumaneheng ha bonolo e hlahella dipuong tsa hae. Empa matla le bokgoni ba hae ba ho fihlella batho le baphethephuthela ho tla ha asa buwe ka dinoto. Dipolelwana e kanna yaba di lokiseditswe pejana mme bakeng sa motho e mong ya entseng dipuo tse ngata jwalo ka yena ho kanna ha eba le phetapheto e kekeng qojwa. Empa boleng ba lelapa bo tswa moo.

Mang kapa mang ya mo tsebang o wa etseba, jwalo ka ha ne abuwa Britain mahareng a 1990 ha Mandela etetse moo jwalo ka e tloba mopresidente e motjha wa Afrika Borwa mme o ile a buwa le letshwele la makgolo kgolo tshimong ya mehlang ya kgethollo ya mokomishenara ya phahameng, Mendi Msimang.

Boholo ba letshwele le ena le batho ba bangata ba tswangdinaheng tse kantle, ba dutseng dilemo Britain. Mandela one abuwa le bona hore ba kgutlele lapeng ho tlo aha Afrika Borwa e ntjha. Mantswe le menahano ya hae ne e tebile e bile e toba, ka theko ya ho etsa eka ha a itshepe, e leng boswaswi ba hae boo tlwaelehileng.

Kene ke shebile ka moo batho ba ananelang seo a se buwa ka teng, ba ne bale ka hara letsoho la hae. O buile bakeng sa metsotso e 20, kantle ho qeya qeyo hore e bang a kare sefofane ke seo ha reyeng lapeng nkang merwalo ya lona, e ne etlaba semphethe keo fete.

Translated by Sibongile Sonopo