Dipale tsa bo nkgono tsa lenyalo la setso la MaXhosa

Goldie Qayiya le Felicia Mafamana ba arolelana tsela ya bona e fapaneng tsa lenyalong, Goldie o ile a ba le lenyalo le lokiseditsweng mme Felicia o ile a shobediswa ke eo e neng e tloba molekane wa hae, ka bobedi ke lenyalo la setso la SeXhosa.

Goldie Qayiya

©Eric Miller
Eo e neng e tloba molekane waka, Otto, o holetse motseng oo ke holetseng ho ona, empa re ne re sa tsebane ha re le bana. Ke kopane le yena kgetlo la pele ha ke tswa kholijing ya botitjhere matsatsing a phomolo. Ke ne ketswa lebenkeleng ha a nhweletsa, ‘Tloho kwano’, ka boikokobetso mme a botsa na ke dula kae. Ha ke mmona kgetlo le latelang e ne e le moketeng wa tshepiso ya rona.

Otto o ne a nngolletse lengolo la kopo. Ho ne ho le bohlokwa hore ke batla ho nyalwa ke ena le nna. Lengolo la hae le ne le re ha ke dumela, o tla kopa ntate wa hae ho buwa le ntate waka. Empa ke ne ke le kholijing ka nako eo mme batswadi baka ba le bula ha le fihla.

Ha baka ba botsa maikutlo aka. E ne e le selemo saka sa pele kholijing. Ha ke tla hae matsatsing a phomolo a latelang, ntate waka a re ho nna, ‘Goldie, o tlo nyalwa’.

Lenyalo le hlophisitsweng

Lenyalo le ile la etsahala ka mora selemo, ka matsatsi a phomolo a Tshitwe. Otto o ile a patala mahadi a dikgomo tse leshome le pere, pele ho kgwedi re ile ra nyalana. Ke ne tshohile haholo. Ke ne ke sa batle ho nyalwa ho hang. Re ile ra nyalana kerekeng ya Anglican, ka ya ha bo Otto ka morao, moo motho e mong le e mong a neng a re emetse kantle, ba thabile.

Re ile ra qeta nako re dumedisa batho, re ba tshwara ka matsoho, mme ra kena ka hare ho ja dijo tsa bosiu. Ka mora dijo re ile ra ya holong e kgolo ya motse ho lo tjeka, busiu ra dijo tse neng di setse, bomme ba di tlisa holong. Re ile ra tjeka bosiu bohle ke mmino wa jazz le kwela wa sebini sa Afrika Spokes Mashiyane, ya ne a letsa phala ya mmino wa kwela, qhoku ya nako tsa rona. re ne re keteka qalo ya bophelo bohle ba rona boo re tlo bo arolelana.

Felicia Mfamana

©Eric Miller
Ho nale mefuta e mmedi ya lenyalo la setsa la SeXhosa, la tsela e nepahetseng le la ho shobedisa, ka bobedi a ntse a etsahala le kajeno. Ha monna a shobedisa ha hona lenyalo le leholo kapa la mose o mosweu. Ha hona letho leo mosadi a ka le etsang ka seo. Ke nyetswe jwalo. Ke tsheya ka yona hona jwale. Empa ka nako eo e ne e sa tshehisi ho hang.

Molamo waka eo a neng a dula le leloko laka mme e bile ke mo tshepa, ke yena ya hlophisitseng hona. O ile a nkenya beseng le motho eo ke sa mo tsebeng ka bohlale. O ne a ahehile a ena le sefahleho se setle. Ho ne ho sena seo o ka se hanang ka yena. Feela ke ne tshohile. ‘Ho etsahala eng? O nkisa kae?’ Ke ha ke botsa.

Sefahleho sa hae se mmala wa kofi se setle sa fetoha. ‘Ke o isa lapeng ho ba mosadi waka, ‘ O a araba. ‘Kgale ke batla sena ka nako e telele hore se etsahale, mme qetellong se ya etsahala.
‘Empa ha ke batle ho tsamaya le wena,’ Ke nna eo. Emisa bese ke theohe.’ Ha ho tshoha ho phahama ke ile ka lla. Ke ne ke sa kgone ho ka siya ntate waka ka tsela eo.

E ne e le monna ya tsamayang kereke. ‘A ko leke ho utlwisisa,’ eo e tlobang molekane wa a re. ‘Ke batla o be mosadi waka e le kannete mme nkeke ka ema ho feta mona. Hopola, kasetso sa ke dumelletswe ho etsa sena.’

Leloko le letjha la Felicia

©Eric Miller
Bese e ile ya re isa ntlong ya mahaeng habo moo ho neng ena le matlo a leshome. Ntlo e nngwe e ne e le ya ausi wa hae Noyiswa, moo ke ileng ka dula beke ya pele. Bosiung boo ke ileka lla haholo. Ke ile ka hlokomela tahlehelo le hore ke qetello ya borwetsana baka.

Ka mora beke, o ile a romela banna ba babedi ho ntate waka ho mo tsebisa moo ke leng teng. ‘O nkile ngwanaka kantle ho tumello?’, ke ntate eo, a bifile haholo. ‘Le tla lokela ho mpha kgomo e nngwe hape.’ Kgomo tse leshome tsa mahadi le e nngwe ya ho monka kantle ho tumello’.

Mokete o ile wa etsahala Milton ntlong ya batswadi. Motho e mong le e mong wa leloko o ne a le teng. Ntate waka ha a ka atla. Ho ne hole hole haholo.

Leqeku le tswang motseng le ile la re nyadisa. ‘O mosadi e motjha jwale mme lebitso la hao le letjha ke Nothozamile’, oa mpolella. ‘O nale leloko le letjha, mme, ntate le bo ausi ba batjha o lokela ho amohela. Ha o sale ngwanana. O lokela ho itshwara jwalo ka mosadi jwale. Qetellong ya mosebetsi a re, ‘Jwale le se le le monna le mosadi’.

Nku e ile ya hlajwa bakeng sa mokete, bo mme ba etsa disalate, reisi le setampo tse tla tsamaya le nama. Ka mora moo, rene re nyalane ka molao. Bophelo baka jwaloka mosadi ba qala.