Desmond Tutu: Ka Bophelo bo Botle

O Hlahetse Klerksdorp

©Eric Miller
Ka la 7 Phupu 1931, Desmond Mpilo Tutu o hlahetse Zachariah (mosuwe) le Aletta (mosebeletsi wa malapeng) Klerksdorp Profinseng ya North West Afrika Borwa. E ne e le e mong wa bana ba bane ka lelapeng le neng le se na chelete e ngata.

Ha Desmond a le dilemo di robedi ntate wa hae o ile a iswa sekolong se Ventersdorp moo lelapa la hae le neng le le teng Kerekeng ya Afrika ya wesele. Ho tloha moo lelapa le falletse Roodepoort, Gauteng, moo lelapa le neng le dula pele le qetella le dula Munsieville, sebaka se setsho sa Krugersdorp, Gauteng.

Ha a ntse a dula Munsieville, Desmond o ile a fumana chelete e eketsehileng ka ho bokella le ho hlatswetsa diaparo tseo mme wa hae a di hlatsoitseng. O ile a boela a rekisa dilamunu le dikhabole bakeng sa phaello e nyenyane mme a sebetsa e le mokoloki sekolong sa kolofo sa Killarney. O ile a ikopanya le ba Scouts, moo a ileng a fuwa Tenderfoot sehlopheng sa bobedi le Boithuto bo Botle ha a pheha.

Sekolo se Phahameng Sophiatown

Desmond o ile a qala sekolo se phahameng sekolong sa Bophirimela se phahameng haufi le Sophiatown ka 1945. Mona o ne a ipabole ditsebi mme a ntlafatsa lerato la hae la dipapadi ka mora hore a kene sehlopheng sa sekolo. Dilemo tse pedi hamorao o ile a tshwarwa ke lefuba (TB) mme a tlameha ho kenngwa sepetlele dikgwedi tse 18. Nakong eo a neng a kena sepetlele ka yona, o ile a etsa setswalle le Ntate Trevor Huddleston ya ileng a fetoha tshusumetso e kgolo bophelong ba hae le eo a neng a sebeletsa ho yena kerekeng ya parishile Munsieville.

Huddleston e ne e le Mobishopo wa Katoliki ya Senyesemane ya sebetsang e le moprista Sophiatown. Desmond o ile a kgahlwa ke tlhompho eo moprista a ileng a e bontsha mme wa Desmond, motho ya neng a nkwa a le tlase ho feta Huddleston ka boemo ba sechaba. Ha ho mohla a ileng a lebala tsela eo Huddleston a neng a tšshwara motho e mong le e mong ka seriti ka teng, e ile ya mo bululela hamorao bophelong ha a tobana le ntwa kgahlanong le kgethollo ya bochaba.

Ka lebaka la bokudi ba hae, Desmond o ile a ya sekolong empa a dumellwa ho kena sehlopheng sa leshome ka 1950. Kamehla e ne e le takatso ya hae ya ho ba ngaka, kahoo o ile a dula ka morao masiu a mangata, a sebedisa dikerese ho ithuta, bakeng sa diteko tsa hae tsa sehlopha sa leshome. O ile a feta mme a amoheloa Sekolong sa bongaka sa Witwatersrand ho tswella pele ho ithuta. Empa, a sa kgone ho fumana chelete ya sekolo sa bongaka, o ile a etsa qeto ya ho ba tichere ho ena le ho ngodisa kwetliso ya Bantu e tlwaelehileng ho tlatsa diploma tsa botichere ba hae.

Ho Sebetsa e le Mosuwe

Ho sebetsa e le mosuwe Ha Tutu a sebetsa e le mosuwe o ile a kopana le Nomalizo Leah Shenxane, mosuwe-mmoho le yena. Ba babedi ba ne ba nyalane ka 1955 mme ba ena le bana ba bane hammoho.

Tutu o ile a itokolla ho ruta ha Molao wa Bantu wa Thuto o thehwa, o hana ho tshehetsa ho hloka toka ho neng ho qobella thuto ya batho ba tlase ho latela morabe. O ile a tswella pele ho dithuto tsa hae tsa thuto ya bodumedi thutong ya St. Peter bodumedi Johannesburg. Sena se ile sa lefuwa ka 1960 ha Tutu a kgethwa e le moprista wa katoliki.

Ho tloha ka 1962 ho ya ho 1966 o ile a sebetsa ho fumana dikgrata tsa bachela le masters tsa hae ho tsa bodumedi ho King's College London. Le hoja Tutu a ne a le naheng e nngwe o ile a budulelwa ke tokoloho ya ho bua le ho fumana bonolo ho tsebo le thuto eo a e boneng moo. O ne a batla tokoloho ya mofuta ona ho batho ba hae hape Afrika Borwa.

Setshwantsho se Hlomphehang Haholo

©Roger de la Harpe
Ha Desmond Tutu a kgutlela Afrika Borwa ka 1967, o ile a ikopanya le basebetsi ba Federal Theological Seminary ho Alice mme ya eba moruti wa Univesithi ya Fort Hare.

Ka 1975, Tutu o ile a kgethwa Motata wa Cathedral ya St Mary, Johannesburg, mme kapele ka mora hore a kgethwe e le Mobishopo wa Lesotho. 1975, e ne e le nako e bohloko Afrika Borwa, e nang le merusu e meholo ya dipolotiki le kganyetso ya kgethollo ya bongata. Ke ka nako ena Desmond Tutu a kgethilweng ho ba Mongodi wa Kakaretso ya Lekgotla la dikereke tsa Afrika Borwa (SACC).

SACC e ne e emela dikereke tsohle tse kgolo tsa Bokreste Afrika Borwa, ntle le Kereke ya Dutch Reformed le Kereke e Khatholiki. SACC e ile ya eba setsi se ka sehloohong bophelong ba moya le ba dipolotiki ba Bakreste ba Afrika Borwa mme ba ba fa lentswe la sethaleng ditakatso tsa bona. Ka 1978 le 1985, Tutu e ne e le ka pele seterekeng sa naha le sa machaba ho lwantsha ho hloka toka ho entsweng ke kgethollo ya bahlorisi. Desmond Tutu o ile a fuwa Nobel Prize for Peace ka 1984 e le pontsho ya tsheetso bakeng sa karolo eo a neng a e bapala ka ho fedisa kgethollo.

Desmond Tutu ka 1985, o kgethilwe e le Mobishopo wa Johannesburg, nakong ena a tswelapele ho tsitlella diphetoho, mme a kgothalletsa bonngwe pakeng tsa Ma Anglicane a batsho le ba basoeu Afrika Borwa. Ka 1986, o kgethilwe ho ba Moarekabishopo wa Motse Kapa mme ka 1987, Tutu o kgethilwe e le Mopresidente wa Seboka sa Dikereke Tsohle sa Afrika.

Poso ya Kgethollo

©Eric Miller
Ha kgethollo e qetella e fedisitswe ka 1994, Tutu o ile a memelwa ho laola Komeshene ya nnete le Pelano, ya Nelson Mandela, ka tshepo ya ho tsosolosa kgotso ho sechaba.

Tutu e ile a tlotliswa ka bobedi le dibakeng tsa machaba, ho theosa le dilemo, bakeng sa tlatsetso ya hae ho leka ho etsa hore Afrika Borwa e be sechaba se lekanang. Ka lebaka la lerato la hae la dingodilweng le thuto, Tutu o fuwe dikgaolo tse ngata tsa tlhompho, mme dikolo tse ngata le ditsebi tsa dithuto tsa dithuso di nnile tsa bitswa ka mora hae. Ka 1987 o ile a hlola Pacem ya Terris Award, e leng tefello e bitswa ka mora lengolo la Mopapa John XXIII le reng batho ba boloke kgotso hara dichaba.

Ka 2008, Mmusisi wa Illinois Rod Blagojevich o ile a phatlalatsa ka la 13 Motsheanong "Letsatsi la Desmond Tutu" mme ka 2017 Mofumahadi Elizabetha II wa Engelane a mo kgetha hore e be Mofapano ya Moholo wa Mohalaledi wa Venerable peeletso ya St. John.

Translated by Sibongile Sonopo